MELAWANA YA TSHEBELETSO YA SETJHABA YA 2001
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 1 ya mohla la 5 Pherekgong 2001
jwalo ka ha e fetotswe ka
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 e sebetsang ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 753 ya mohla la 7 Phupjane 2002 e sebetsang ho tloha mohla la 7 Phupjane 2002
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 838 ya mohla la 14 Phupjane 2002 e sebetsang ho tloha mohla la 17 Phupjane 2002
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 840 ya mohla la 21 Phupjane 2002 e sebetsang ho tloha mohla la 21 Phupjane 2002
Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 1346 ya mohla la 1 Pudungwane 2002 e sebetsang ho tloha mohla la 1 Pherekgong 2003
KGAOLO YA 1
KAROLO YA I. KETAPELE
A. Sehlooho se sekgutshwanyane le qalo
C. Tumello ya molao
D. Bonamo ba tshebediso
E. Ho hlakolwa ha melawana, poloko le tlhophiso tsa nakwana
F. Dintlha tse molemong wa bohle
G. Maemo a ikgethang a ditaba
H. Kgokahano le Letona ekasitana le boraditaba
KAROLO YA II. BOROMUWA, DIKANANELO LE BOIKARABELO
A. Metheo
B. Boromuwa le dikananelo
C. Boikarabelo
D. Kgohlano ya ditabatabelo diketsong tsa mosebetsi kapa diqeto
E. Tshwaro ya lesedi la molao le ditokomane tsa semmuso
KAROLO YA III. MORALO, TLHOPHISO YA MOSEBETSI LE HO FANA KA PEHELO
A. Metheo
B. Moralo wa Lewa
C. Lenaneo la ntlafatso ya phethahatso ya ditshebeletso
D. Moralo wa mehlodi ya tshebetso ya batho
E. Tlhophiso ya Lesedi le ho fana ka Pehelo
F. Ho theha le ho tlatsa dikgeo tsa mosebetsi
G. Mosebetsi o mong hape
H. Ho fetisetswa ha mesebetsi mafapheng ka ho fapana
J. Tekolo ya Taolo le tlhokomelo
KAROLO YA IV. HLAHLOBO YA MOSEBETSI
A. Metheo
B. Boikarabelo
KAROLO YA V. TEFO YA BASEBETSI
A. Metheo
B. Tsepamiso ya dikepele tsa moputso le ditlhapiso
C. Ho hlophisa maemo a mosebetsi le tefo
D. Dihora tsa tshebetso tse tshelang nako ya tse tlwaelehileng
D. Menyetla ya Tshebetso, ditlwaelo tse lefellwang le menyetla ya ditlwaelo tsa tshebetso
KAROLO YA VI. TIKOLOHO YA MOSEBETSI
A. Metheo
B. Dihora tsa Mosebetsi
D. Bophelo bo botle le polokeho
A. Metheo
B. Dipehelano tsa mosebetsi
Dikonteraka tsa mosebetsi tsa dihlooho tsa lefapha
Ho hirwa hape ha basebetsi ba mehleng
Tshebediso ya mosebetsi e mong nakwana
Botshwaredi mesebetsing ya boemo bo hodimonyana
C. Ho thaothwa
Tsepamiso ya ditlhoko tsa mosebetsi
Papatso
D. Kgetho
E. Nako ya teko mosebetsing
F. Phahamiso
Dilemo tsa ho beha meja fatshe
Ho lesa mosebetsi
Ho kula
Ditlhoko tsa mosebetsi
Ho kgaotswa ha nako ya teko mosebetsing
H. Direkoto tsa Mosebetsi
A. Metheo
B. Mekgwa ya taolo ya tshebetso le ntshetsopele
C. Hlahlobo ya Tshebetso
D. Sephetho le ho fana ka diphetho tsa hlahlobo
E. Ho laola tshebetso e sa kgotsofatseng
F. Dikgothatso tsa tshebetso e babatsehang
G. Ditlhahiso, dintlafatso le dintjhafatso
KAROLO YA IX. THUPELO LE THUTO
A. Metheo
C. Thupelo e laolwang ke Letona
D. Bokgoni ba mosebetsi o ikgethang le thupelo
E. Thuso ya thupelo
KAROLO YA X. DIKAMANO TSA MOSEBETSI
A. Metheo
B. Ho kenngwa mosebetsing ha ditumellano tse fihletsweng mmoho
C. Taelo le taolo ya dipuisano
D. Ditaba tse nang le tshusumetso ditekanyetsong tsa ditjhelete
KGAOLO YA 2
KHOUTU YA BOITSHWARO
A. Sepheo
B. Selelekela
C. Khoutu ya boitshwaro
Dikamano le lekgotla le etsang melao le phethahatso
Dikamano le setjhaba
Dikamano hara basebetsi
Phethiso ya mesebetsi
Boitshwaro bothong ba hao le ditabatabelo tsa poraefete
KGAOLO YA 3
HO PEPESWA HA DITJHELETE KE HLOOHO TSA MAFAPHA
LE BASEBETSI BA ITSENG
A. Ditlhaloso
B. Rejistara le mesebetsi ya Molaodi-Kakaretso: Ofising ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba
C. Ho pepeswa ha ditabatabelo tsa basebetsi ba tshwauweng
D. Mefuta ya ditabatabelo tse lokelang ho pepeswa
E. Dintlha tsa ditabatabelo tse ngodisehang tse lokelang ho ngodiswa
F. Lekunutu la diforomo tseo ho nehelanweng ka tsona le rejistara
G. Kgohlano ya ditabatabelo
H. Ho hloleha ho pepesa ditabatabelo
KGAOLO YA 4
TSHEBELETSO YA TAOLO YA BA BAHOLO
A. Metheo
B. Popo ya SMS le ho hlwauwa ha dikgeo ho ya ka maemo
C. Ditlwaelo tse o kgonang ho fetoha le mabaka tsa mosebetsi ka hare ho moralo wa tshebetso wa ditabatabelo le maemo a tshwanang
D. Bukana ya tataiso ya SMS
KAROLO YA II. HO THAOTHWA, HO HLWAUWA LE KGETHO
A. Metheo
B. Maemo a bokgoni ba mosebetsi
C. Ho phatlalatswa ha dikgeo tsa mosebetsi le tekano mosebetsing
D. Ho hlwauwa ho thehilweng bokgoning ba mosebetsi
E. Ntshetsopele ya neo ya ho boloka SMS e dula e phela
F. Dikonteraka tsa Mosebetsi
A. Metheo
B. Taolo ya Tshebetso le Ntshetsopele
KAROLO YA IV. DIPEHELANO TSA MOSEBETSI
A. Metheo
B. Ho tsepamiswa ha dipehelano tsa mosebetsi
C. Moifo wa tekolo ya dipehelano tsa mosebetsi tsa ditho tsa SMS
Ho thehwa ha moifo
Tefello tsa ditho
Dikopano tsa moifo
Tsamaiso ya moifo
KAROLO YA V. MOTSAMAO LE HO TSWELA PELE TSHEBETSONG
A. Metheo
KAROLO YA VI. THUPELO LE NTSHETSOPELE
A. Metheo
B. Mananeo a thupelo e tlwaelehileng
C. Thuso ya thupelo
A. Metheo
B. Kgothaletso ya boitshwaro bo botle
A. Metheo
B. Kgohlano ya ditabatabelo
D. Boitshwaro bo fosahetseng le ho hloka bokgoni
KAROLO YA IX. TSAMAISO YA THUSO YA HO BEHA MEJA
A. Metheo
B. Mehato le melemo
KGAOLO YA 5
MELAWANA YA MMUSO YA ELEKTRONIKI
KAROLO YA I. BOLENG BO TSHIRETSENG BA MMUSO BA ELEKTRONIKI
A. Metheo
B. Boitlamo mabapi le ho fumanwa le taolo ya mehlodi ya lesedi
A. Metheo
B. Bonyane ba maemo a tshireletso ya lesedi
C. Tiiso ya boinyalanyo
D. Ho tloswa ha ditshitiso tsa Tshireletso ya Lesedi
E. Tokollo le tshehetso diketsahalong
A. Metheo
B. Bonyane ba maemo a tshebedisano
C. Nyalano
DITLHAPHISO TSA NAKWANA
KONTERAKA YA MOSEBETSI E LAELEDITSWENG HO LATELA KAROLOYA 12 YA MOLAO WA TSHEBELETSO YA SETJHABA WA 1994 WA HLOOHO TSA MAFAPHA
KONTERAKA YA MOSEBETSI WA MOSHWELLA HO YA KA KAROLO YA II YA KAGAOLO YA 4 YA MELAWANA YA TSHEBELETSO YA SETJHABA YA 2001 DITHO TSA SMS
KONTERAKA YA MOSEBETSI YA NAKO E TSITSITSENG KAPA MORERO WA PROJEKTE E QAQISITSWENG HO LATELA KAROLO YA II YA KAROLO YA 4 YA MELAWANA YA TSHEBELETSO YA SETJHABA YA 2001 YA DITHO TSA SMS
DIPALLO LE DIPEHELANO TSA MOSEBETSI
KGAOLO YA 1
DIPALLO TSE AKARETSANG
KAROLO YA I. TLHEKELO
A. SEHLOOHO SE SEKGUTSHWANYANE LE TSHIMOLOHO
A.1 Melawana ena e tla bitswa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001, mme e tla kena tshebetsong ho tloha ka la 1 Pherekgong, ntle le melawana ya III B.2 (b) le III F. (b) ya Kgaolo ya 1, eo yona e tla kena tshebetsong letsatsing le tla behwa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Molawana wa A.1 jwalo ka ha o ile wa fetolwa ho latela Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya la 25 Motsheanong 2001 o sebetsang ho tloha ka la 1 Motsheanong 2001
B.1 Melawana ena e tla balwa ka tlatsetsano le Molao.
B.2 Melawaneng ena, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong -
a ?motheo o ananetsweng? o bolela mesebetsi eo bolaodi ba phethahatso bo e ananetseng hore e phethise mooko wa mesebetsi le mesebetsi ya tshehetso lefapheng;
b ?bokgoni? mona ho bolelwa motswako wa tsebo, mahlale a boiphediso, boitshwaro le bohlale ba kelello tseo kaofela motho a ka di sebedisang tikolohong ya mosebetsi, eleng dintho tse supang bokgoni ba motho ba ho kgotsofatsa ditlhoko tse qaqisitsweng tsa mosebetsi;
c ?MOOKO? o bolela Khoutu ya Tefo, ho latela ka moo e hlalositsweng ka teng molawaneng wa III I.3 ho isa ho wa I.5 wa Kgaolo ena;
d ?lekgotla la ditumellano tsa meputso la lefapha? mona ho bolelwa lekgotla la ditumellano tsa meputso la lefapha jwalo ka ha le lohothwa temaneng ya 20bi ya Moralo wa 7 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi, kapa ho ka moo ho ka tsepamiswang ka teng ho latela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi;
e ?bolaodi bo phethahatsang? mona ho bolelwa bolaodi bo phethahatsang jwalo ka ha bo hlaloswa karolong ya 11 ya Molao, ntle le mabapi le khiro ekasitana le diketsahalong tse ding tsa tshekamelo ya tshebetso ya hlooho ya lefapha, moo sena se tla bolela bolaodi bo phethahatsang jwalo ka ha ho lohothwa karolong ya 3B ya Molao;
f ?bohato? mona ho bolelwa kakaretso ya boleng ba mosebetsi o ikgethang jwalo ka ha bo bontshwa ke boima ba mosebetsi, bo amanngwang le bonamo ba moputso sekepeleng sa mosebetsi se sebedisitsweng tshebeletsong ya setjhaba;
g ?ditlhoko tseo eleng karolo ya mosebetsi? mona ho bolelwa makgabane a bokgoni boo, ho latela bopaki, mosebetsi a bo hlokang ho ka phetha mosebetsi;
h ?mosebetsi? mona ho bolelwa ditlhoko tsa mantlha tsa mesebetsi le bokgoni ha mmoho le boikarabelo boo ho ya ka bona mosebetsi o le mong kapa mesebetsi e mengata ya boemo bo le bong e thehwang ka yona;
i ?boima ba mosebetsi? mona ho bolelwa boleng ba palo e abilweng ho bontsha makgabane a hlwauweng a mosebetsi jwalo ka ha a methwa ka sesebediswa sa tekanyo ya mosebetsi;
j ?boemo? mona ho bolelwa bonamo ba moputso kapa bohato;
k ?moralo wa ditshenyehelo tsa nako e bohareng ya mosebetsi? ho hlaloswa moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tsa nako e bohareng o phatlaladitsweng ke Ofisi ya Letona la Ditjhelete;
l ?batho bao esale ba le ka mosing ho latela histori? mona ho bolelwa batho kapa dihlopha tsa batho ba ileng ba behwa ka mosing ka lebaka la kgethollo e hlokang toka nakong e fetileng;
m ?lekgotla la provense la ditumellano tsa meputso? mona ho bolelwa lekgotla la ditumellano tsa meputso la tsamaiso ya provense jwalo ka ha le lohothwa temaneng ya 20bii ya Moralo wa 7 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi;
n ?baemedi? mona ho bolelwa bobatsi boo ka bona mosebetsi mokgatlong o itseng ka kakaretso o bontshang sebopeho sa baahi ba Afrika Borwa, ho kenyeletswa sebopeho ho latela botjhaba, hore motho ke mosadi kapa monna ekasitana le kgolofalo;
o ?bonamo ba moputso? mona ho bolelwa meputso e bopang karolo ya sekepele sa moputso se amanngwang le bohato bo qoholehileng le, ka katoloso, boima ba mesebetsi;
p ?sekepele sa moputso? mona ho bolelwa bonamo ba meputso ho tloha moputsong o tlase ho fihlela moputsong o hodimo tshebeletsong ya setjhaba, ka palo ya tjhelete e behilweng e le qalo le qetelo ya bonamo ba moputso kapa dikepele tse kahare ho bonamo ba moputso;
q ?lekgotla la karolo la ditumellano tsa meputso? mona ho bolelwa lekgotla le thehilweng ke Lekgotla la Bohokanyi la Ditumellano tsa meputso la Tshebeletso ya Setjhaba kapa Presidente, ho latela karolo ya 37 ya Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi, kapa lekgotla le nkwang e le lekgotla la karolo ho latela temana ya 16 le ya 18 ya Moralo wa 7 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi;
r ?SMS? e bolela basebetsi bao ho buuwang ka bona molawaneng wa I B.1 wa Kgaolo ya 4;
s) ?Molao? mona ho bolelwa Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (o phatlaladitsweng Kgweletsong ya 103 ya 1994;
t ?Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi? o bolela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi wa 1995 Molao wa Nomoro ya 66 wa 1995;
u "Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba" mona ho bolelwa Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999 Molao wa Nomoro ya 1 wa 1999;
v "Melawana ya Matlotlo" mona ho bolelwa Melawana ya Matlotlo e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso ya Nomoro ya R. 556 wa mohla la 31 Motsheanong wa 2000, jwalo ka ha o dula o fetolwa kgafetsa, le ho etswa tlasa karolo ya 76 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba; mme lentswe le leng le le leng le tla ba le moelelo oo le o fuwang ho latela Molao.
C. TUMELLO YA MATLA A MOLAO
Karolo ya 41 ya Molao wa e fana ka tumello ya matla a Melawana ena.
D. BONAMO BA TSHEBETSO YA MELAWANA ENA
Melawana ena e sebetsa-
a bathong bohle ba sebetsang, le diinstitjusheneng tse laolwang ho latela Molao ona; le b ho latela dipallo tsa Molao ona, bathong ba sebetsang Ditshebeletsong, Mekgatlong ya boemedi kapa diinstitjusheneng tsa mmuso tsa thuto, ha feela e sa hohlane le melao e laolang mosebetsi wa bona.
E. PHEDISO YA MELAWANA, POLOKO LE TLHOPHISO YA NAKWANA
E.1 Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999 (e phatlaladitsweng Tsebisong ya Mmuso wa Nomoro ya R. 679 ya mohlala la 1 Phupjane 1999), ho kenyeleditswe ditokiso tsohle tsa teng, le melawana yohle e meng e entsweng le e kentsweng tshebetsong tlasa Molao ona, mona e a fediswa.
E.2 Ntho efe kapa efe e entsweng tlasa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999, e ka etswang ho latela pallo ya Melawana ena, e tla nkwa e entswe tlasa pallo eo.
E.3 Ntle le ho fediswa ha Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1999, ho latela molawana wa I E.1, ditlhophiso tsa nakwana di tla lokodiswa Sehlomathisong sa 1.
F. DINTLHA TSE MOLEMONG WA MAHLAKORE KAOFELA
Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le ditumellano tse fihlellwang ha mmoho e tla laola dintlha tse molemong wa mahlakore kaofela dipakeng tsa basebetsi le Mmuso jwalo ka ramosebetsi.
G. HO FAPOHA
Haeba ho hlaha maemo a ditaba a etsang hore ho be le ho fapoha dipallong le mehatong ka tsela e ikgethang ya Melawana ena mabapi le diketsahalo tsa tshebetso ya basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba, Letona tlasa maemo a boletsweng le ka etsa ditsepamiso, ditaelo tsa ntlha kapa la amohela hore ho sebediswe dipallo tse ding ha mmoho le mehato e meng.
H. KGOKAHANO LE LETONA HA MMOHO LE BORADITABA
H.1 Haeba lefapha le hloka ho hokahana le Letona mabapi le taba e welang matleng a taolo le tshebetsong ya Letona, le tla -
a tlisa kgokahano ka ho sebedisa Molaodi Kakaretso: Tshebeletsong ya Setjhaba le Tsamaisong; mme a b ngola ka puo efe kapa efe ya mmuso eo Melawana ena e neng e phatlaladitswe ka yona.
H.2 Mosebetsi o tla lebisa potsisiso efe kapa efe tabeng e welang matlenga taolo le tshebetsong ya Letona ho hlooho ya hae ya lefapha.
H.3 Hlooho ya lefapha molemong wa ditherisano tse tlang pele e tla nehelana ka moralo wa molao ofe kapa ofe kapa wa molao o monyenyane kapa tokomane ya leano e amanang le matla le mesebetsi ya Letona ho ya ka Molaodi-Kakaretso wa Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
H.4 Hlooho ya lefapha e tla theha leano la ka moo basebetsi lefapheng la hae ba ka hokahanang ka teng le boraditaba ba dikoranta kapa ba mekgwa e meng ya ditaba.
H.5 Mosebetsi, mosebetsing wa hae wa mmuso, a keke a tshwaya phoso leanong la Mmuso ka mokgwa o hlokang boikarabelo kopanong ya setjhaba kapa kgatisong kapa ditabeng tsa dikoranta kapa ditabeng tsa mekgwa e meng e tsamaisang ditaba.
KAROLO YA II. BOROMUWA, DITUMELLO LE BOIKARABELO
A. METHEO
Ho etsa hore hlooho ya lefapha e kgone ho laola lefapha la hae ka tsela e sebetsang hantle le e nepahetseng, bolaodi ba phethahatso bo tla nehela hlooho ya lefapha matla a tshwanelehileng le matla a taolo. Ka sepheo sona seo, hlooho ya lefapha e tla fana ka matla ho basebetsi ba lefapheng ka ho ba roma hore ba etse metsebetsi le ka ditumello tse tshwanetseng, moo ho hlokehang.
B. BOROMUWA LE DITUMELLO
B.1 Haeba Melawana ena e nehelana ka matla kapa e qobella mosebetsi bolaoding ba phethahatso kapa ho hlooho ya lefapha, ho latela Molao a ka nna a-
a roma kapa a nehelana ka matla ho mosebetsi hore a etse mosebetsi; le b ho tsepamisa dipehelano tsa tshebediso ya matla a taolo kapa phethahatso ya mosebetsi.
B.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla ngola fatshe thomo kapa nehelano ya matla a taolo mme bo ka e kenyeletsa tumellanong ya mosebetsi ya hlooho ya lefapha, ho latela ka moo ho entswe monyetla ka teng molawaneng wa VII B.2.1.
B.3 Boromuwa bo nehetsweng ya matla a taolo ke bolaodi ba phethahatso kapa hlooho ya lefapha bo keke ba thibela monga mosebetsi ho phethahatsa matla ao ka sebele sa hae.
C. BOIKARABELO
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla boloka metheo le mehato e tsepamisitsweng Melawaneng ena.
C.2 Bolaodi ba phethahatso bo na le monyetla wa hore bo seke ba hloka kapa ba dumella hlooho ya lefapha kapa mosebetsi ofe kapa ofe e mong ho ba boemong boo ho bona a etsang kapa a nkang qeto tlolong ya Melawana ena.
a netefatsa hore basebetsi lefapheng la hae ba inyalanya le Melawana, ditumellano tse fihletsweng ha mmoho le boitlamo bofe kapa bofe bo bong; mme b e sebetsana ka potlako le ka mokgwa o sebetsang hantle le tlolo efe kapa efe ya molao.
C.4 Bolaodi ba phethahatso kapa hlooho ya lefapha bo tla sebedisa matla a bona, ho etsa mosebetsi wa bona le ho phethisa boitlamo ba bona tlasa Melawana ena ho latela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi le ditumellano tse loketseng tse fihletsweng ha mmoho.
C.5 Bolaodi ba phethahatso le hlooho ya lefapha bo tla netefatsa hore ho na le kananelo e teng pele e tswang ho Ramatlotlo bakeng sa qeto efe kapa efe e amanang le ditshenyehelo tsa ditjhelete.
D. KGOHLANO YA DITABATABELO DIKETSONG KAPA DIQETONG TSA MOSEBETSING
D.1 Moo ho nang le monyetla wa maemo a kgohlano ya ditabatabaelo ha ho etswa qeto efe kapa efe e amanang le mosebetsi, bolaodi ba phethahatso kapa mosebetsi ya nehetsweng kapa ya abatsweng hore a etse mosebetsi ofe kapa ofe, o tla etsa kapa a nke qeto hang feela ka morao hoba a tebise maikutlo kgothaletsong ya moifo o ikemetseng o bopilweng ka batho ba babedi bonyane.
D.2 Moo bolaodi ba phethahatso kapa mosebetsi ya tshepetsweng matla a itseng kapa hore a etse mosebetsi o itseng oo a o tshepetsweng kapa a o abetsweng, a kgelohang dikgothaletsong tsa moifo, mosebetsi ya jwalo o tla ngola mabaka a ho fapoha hoo ho etsahetseng.
D.3 Bolaodi ba phethahatso bo keke ba amohela kapa ba batla tefo ya mofuta ofe kapa ofe ho mosebetsi kapa motho ya tla fuwa mosebetsi bakeng sa ho etsa kapa ho nka qeto e mabapi le mosebetsi.
E. HO SEBETSANA LE LESEDI HA MMOHO LE DITOKOMANE TSA SEMMUSO
Mosebetsi a keke a lokollela setjhaba lesedi la molao ntle le moo a nang le matla jwalo.
KAROLO YA III . MORALO, TLHOPHISO YA MOSEBETSI LE FANA KA
PEHELO
A. METHEO
Bolaodi ba phethahatso, molemong wa ho nehelana ka ditshebeletso tsa boleng bo hlwahlwa ba tjhelete, bo lokela ho ipehela maikemisetso a kgonang ho lekanngwa a lefapha, bo sebedise ka bokgabane bo boholo mehlodi ya basebetsi ba lefapha le mehlodi e meng le ho sebedisa ditlwaelo tse hlokang leeme tsa mosebetsi. Bolaodi ho latela ditjhelete tse teng lefapheng le ho latela maikemisetso le taelo ya Mmuso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong, bo tla rala hore bo phethahatse mesebetsi ka tlhophiso e sebetsang hantle le e hlwahlwa ya ka hare ha mmoho le mehlodi e ntshetsidItsweng pele hantle ya basebetsi. Bolaodi ba phethahatso bo tla phatlalatsa pehelo ya selemo moo bo fanang ka lesedi la bohlokwa la lefapha la bona e le ho dumella setjhaba le makgotla a melao ho fumana tsebo e akaretsang.
B. MORALO WA LEWA
a moo ho hlalosang maikemisetso a lefapha ao eleng ona mooko, ho latela Molao wa Motheo le ditaelo tse ding tsa molao, ditaelo tse sebetsang le mananeo a ntlafatso ya ho finyeletsa tshebeletso a hlalositsweng molawaneng wa III C;
b moo ho hlaloswang mesebetsi eo eleng yona ya sehlooho le ya tshehetso e hlokehang bakeng sa ho fihlela boikemisetso ba sehlooho, ka ho qoba mesebetsi e iphetaphetang;
c moo ho qaqiswang mesebetsi eo lefapha le tla e etsa kahare le mesebetsi e tla fuwa basebetsi ba kantle;
d moo ho hlaloswang sepheo le maikemisetso a lebeletsweng hore a fihlellwe nakong e bohareng;
e moo ho hlophiswang hantle lenaneo la ho fihlella sepheo seo le maikemisetso ao a lebeletsweng hore a fihlellwe;
f moo ho qaqiswang ditsela tsa ho fana ka lesedi tse-
i tla dumella bolaodi ba phethahatso ho hlokomela katleho e entsweng mabapi le ho fihlella sepheo, maikemisetso a lebeletsweng hore a fihlellwe ha mmoho le maikemisetso a sehlooho;
ii tla tshehetsa boinyalanyo le ditlhoko sa ho fana ka pehelo malawaneng wa III J le Bonyane ba Ditlhoko tsa Naha tsa Lesedi, tseo ho buuwang ka tsona ho VII H; le g ho inyalanya le ditlhoko diratswaneng tsa 5.1 le 5.2 tsa Melawana ya Matlotlo.
B.2 Bolaodi ba phethahatso boitshetlehong ba moralo wa lewa la lefapha, bo tla -
a tsepamisa sebopeho sa tlhophiso ya lefapha ho latela mesebetsi ya lefapha lena ya sehlooho le ya tshehetso;
b bo tla hlwaya mesebetsi e metjha ho latela mokgwa o lohothwang wa hlahlobo ya mesebetsi oo ho buuwang ka ona Karolong ya IV;
c bo tla hlalosa dikgeo tsa mesebetsi tse hlokehang bakeng sa tshebetso mesebetsing e loketseng leha tlhaloso eo e tla etswa ka hare ho meedi ya ditekanyetso tsa hona jwale le ya moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tsa lefapha tsa nako e mahareng, mme dikgeo tseo tse hlalositsweng di tla bopa motheo wa lefapha o ananetsweng; le d ho ikamanya le moralo wa mehlodi ya basebetsi ho latela molawana wa III D ka morero wa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa mehlodi ya basebetsi.
B.3 Hlooho ya Lefapha ha le phethisong ya moralo wa lewa, e tla-
a kgothaletsa tshebediso e phethahetseng, e kolopetsang le e sebetsang hantle ya mehlodi ka sepheo sa ho ntlafatsa mosebetsi wa lefapha; mme b ho finyella seo, e tla sebedisa mekgwa ya tshebetso e tshwanang le kabo e nngwe hape, pebofatso le kgokahanyo ya mosebetsi, le ho fedisa mesebetsi e sa hlokahaleng.
C. LENANEO LA NTLAFATSO YA HO FINYELETSA DITSHEBELETSO BATHONG
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla theha le ho hlokomela hore lefapheng la bona ho be le lenaneo la ntlafatso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong-
a ka ho qaqisa ditshebeletso tsa sehlooho tse fuwang mefuta e fapaneng ya basebedisi ba sebele le bao ho nang le monyetla wa hore ba fuwe tshebeletso, ho latela ka moo lefapha le fumaneng ka teng;
b ka ho boloka hore ho be le ditlhophiso tsa ditherisano le basebedisi ba sebele ba lefapha ha mmoho le bao lefapha le nang le monyetla wa ho fana ka tshebetso ho bona;
c ka ho nkella hloohong bokgoni ba basebedisi ba ho finyella ditshebeletso le ditshitiso tse teng bakeng sa ho finyella ditshebeletso tseo ho feta, bo tla qaqisa mekgwa kapa mawa a lokelang ho sebediswa ho ya pele ho tlosa tseleng ditshitiso e le hore ho finyellwe ditshebeletso le hore ho tle ho eketswe;
d ka ho supa maemo a tshebeletso tsa sehlooho tseo ho tla nehelanwa ka tsona;
e ka ho boloka ditlhophiso tsa ka moo ho tla nehelanwa ka lesedi ka teng le mabapi le ditshebeletso tsa lefapha; le f ka ho hlohlomisa mokgwa kapa metjha ya ho sebetsana le ditletlebo.
C.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla phatlalatsa steitmente sa selemo sa boitelo ba tshebeletso ya setjhaba se tla tsepamisa maemo a tshebeletso ya lefapha ao baahi ha mmoho le basebedisi ba ka lebellang ho a fumana le a tla sebetsa ho hlalosa ka moo lefapa le tla kgotsofatsa boemo bo bong le bo bong ka teng.
D. MORALO WA MEHLODI YA BASEBETSI
D.1 Bolaodi ba pehthahatso bo tla-
a hlahloba mehlodi ya basebetsi e hlokeng ho etsa mesebetsi ya lefapha, ka ho tsotella ka boikgetho-
i palo e hlokehang ya basebetsi;
ii bokgoni boo basebetsi bao ba lokelang ho ba le bona; le iii maemo a bokgoni ho sa tsotellwe hore ke bokgoni ba moshwella kapa ba nakwana ao basebetsi bao ba fuweng mosebetsi ka lebaka la ona;
b bo tla hlahloba mehlodi e teng ya basebetsi ho latela botjhaba, taba ya hore motho ke mosadi kapa ke monna le kgolofalo ekasitana le ho latela mokga wa mosebetsi, karolo ya tlhophiso le boemo ho latela -
i bokgoni ba bona;
ii ditlhoko tsa thupelo; le iii bokgoni ba boemo ba mosebetsi;
c bo tla rala tsohle ho latela ditekanyetso tse teng tsa ditekanyetso tsa ditjhelete, ho kenyeleditswe ditjhelete tsa nako e setseng ya moralo wa tshebetso o loketseng wa ditshenyehelo tsa nako e mahareng, bakeng sa ho thaotha, ho boloka, ho isa basebetsi moo bokgoni ba bona bo hlokehang teng ho feta le ntshetsopele ya mehlodi ya basebetsi ho ya ka ditlhoko tsa lefapha tse tsepamisitsweng ho latela molawana wa III D.1a, mme moralo ona bonyane, o lokela ho kenyeletsa-
i dipheo tse utlwahalang le maikemisetso a ka lekanngwang bakeng sa ho fihlella boemedi, ho nketswe hloohong molawana wa III D.2; le ii maikemisetso a lokelang ho fihlelwa a ho rupela basebetsi ka mokgwa wa tshebetso le ho ya ka basebetsi ba ikgethang, ka meralo e ikgethang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa thupelo ya batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng; le d tharollo ya boemo ba basebetsi ba anngweng ke ho fediswa ha dikgeo tsa mosebetsi tse fumanweng di sa hlokahale, mme basebetsi ba tle ba fokotswe mosebetsing ho latela feela Molao wa Dikamano tsa Basebetsi mme ho lekolwe hape ditumellano tse fihletsweng ha mmoho ha ho sa fumanwe tharollo e nngwe.
D.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla ntshetsa pele le ho phethahatsa lenaneo la mehato ya tokiso ya tse ileng tsa fosahala nakong e fetileng, leo bonyane le tla kenyeletsa, tse latelang:
a Tlhaloso ya leano le qaqisang boitlamo ba lefapha mohatong wa tokiso ya se ileng tsa fosahala nakong e fetileng, le ka moo leano leo le tla kenngwa tshebetsong ka teng.
b Merero ya dipalo le e tlangwang ke nako e itseng ya ho fihlela boemedi bo phethahetseng.
c Dipalopalo tsa selemo tsa khiro, thupelo le phahamiso boemong bo bong le bo bong ba mokgahlelo o itseng wa mosebetsi, ba batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
d Moralo wa ho tharollo ya bothata ba merero ya dipalo tse ka tlase ho sekepele se behilweng sa boemedi le tshehetso ya tswelopele ya batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
D.3 Bolaodi ba phethahatso bo tla etsa sephetho sa moralo oo ho buuwang ka ona molawaneng wa III D.1 le lenaneo la mohato wa tokiso ya tse ileng tsa fosahala nakong e fetileng leo ho buuwang ka lona molawaneng wa III D.2 le tsejwang lefapheng.
E. MORALO WA LESEDI LE TSELA YA HO ETSA PEHELO
E.1 Hlooho ya lefapha e tla theha-
a moralo wa lefapha o tshehetsang -
i tsela ya ho rala le merero e lohothwang molawaneng wa III B; le ii nyalano le Karolo ya I ya Kgaolo ya 5;
b moralo wa tlhekelo ya lesedi; le c moralo wa tshebetso o dumellang hore ho kenngwe mosebetsing moralo wa tlhekelo ya lesedi le taolo ya lesedi.
E.2 Hlooho ya lefapha e tla nehelana ka pehelo e tlang ha bedi ka kgwedi e thehilweng hodima-
a merero yohle ya diprojekte tsa lesedi la theknoloji ho etsa monyetla wa kgokahano ya merero ya diprojekte tse jwalo tshebeletsong ya setjhaba; le b nyalano le Karolo ya Kgaolo ya 5.
Molawana wa E jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R.1346 ya la 1 Pudungwane 2002 o sebetsang ho tloha ka la 1 Pherekgong 2003
F. HO THEHWA LE HO TLATSWA HA DIKGEO TSA MOSEBETSI
Bolaodi ba phethahatso pele bo theha sekgeo sa mosebetsi bakeng sa mosebetsi ofe kapa ofe o motjha, kapa bo tlatsa sekgeo sefe kapa sefe sa mosebetsi-
a bo tla tiisa hore bo hloka sekgeo seo sa mosebetsi ho kgotsofatsa boikemisetso ba lefapha;
b moo eleng sekgeo se setjha sa mosebetsi, bo tla hlahloba mosebetsi ho latela mokgwa wa hlahlobo ya mosebetsi oo;
c moo ho nang le sekgeo se sa tlatswang sa mosebetsi sa boemo ba 9 kapa boemo bo hodimo ho feta moo, bo tla hlahloba mosebetsi ntle leha mosebetsi ona o ile wa hlahlojwa pejana; le d bo tla netefatsa hore ho na le ditjhelete tse lekaneng tse lekanyeditsweng, ho kenyeleditswe ditjhelete tsa nako e setseng tsa moralo wa tshebetso ya ditshenyehelo wa nako e bohareng, bakeng sa ho tlatsa sekgeo sena sa mosebetsi.
G. KEKETSO YA MOSEBETSI O MONG
Bolaodi ba phethahatso nakong e tshwanetseng ya ditekanyetso tsa ditjhelete, bo ka kenya mosebetsing batho ba bang ba hlokehang motheong o ananetsweng ha feela-
a motho ya neng a kene sekgeong sa mosebetsi o lebeletswe hore a be a ile a ba siyo nakong e etsang hore mosebetsi wa hae o seke wa kgona ho etswa ke basebetsi ba bang; kapa b ho ile ha etsahala hore mosebetsi o eketsehe nakwana; kapa c ho hlokeha hore ho eketswe moifo wa basebetsi ba lefapha bakeng sa nakwana ka lebaka lefe kapa lefe.
H. HO FETISETSWA HA MESEBETSI MAFAPHENG A MANG
Haeba Letona kapa tonakgolo ya provense le etsa tsepamiso mabapi le ho fetisetswa ha mesebetsi mafapheng a mang-
a lefapha le itholang morwalo wa mosebetsi le tla fetisa le mehlodi kaofela, ho kenyeletswa le basebetsi, ho e lebisa lefapheng leo le amohelang mosebetsi ona;
b lefapha le amohelang mosebetsi le tla etsa kgokahanyo ya ho fetiswa ha mosebetsi oo;
c lefapha le amohelang le tla amohela boikarabelo ba mesebetsi ho tloha mohlang mesebetsi e fetiseditsweng ho lona;
d mohlanka ya ikarabellang lefapheng le itholang morwalo wa mosebetsi le tla sala le boikarabelo ba ditaba tse ileng tsa ba teng pele mosebetsi oo o fetisetswa lefapheng le leng;
e ho fetiswa ha basebetsi ho leba lefapheng le leng ho tla etsahala ka ho nkela hloohong ditlhoko tsa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi; le f ho fetisetswa ha ditjhelete lefapheng lena le amohelang mosebetsi ho tla tsamaiswa ho latela ditlhoko tsa serapana sa 6.5 tsa Melawana ya Matlotlo.
I. TLHALOSO YA MOSEBETSI, DIHLOOHO TSA MOSEBETSI LE KHOUTU YA TEFO
I.1 Sekgeong se seng le se seng sa mosebetsi kapa sehlopheng sa dikgeo tsa mosebetsi, bolaodi ba phethahatso bo tla theha tlhaloso ya mosebetsi le sehlooho sa mosebetsi se bontshang, ka toboketso e tshwanetseng tabeng ya ho finyeletswa ha tshebeletso bathong-
a maikemisetso a sehlooho a sekgeo kapa dikgeo tse hopotsweng tsa mosebetsi;
b ditlhoko tseo eleng karolo ya mosebetsi; le c ditlhoko tsa phahamiso mosebetsing kapa tswelopele ho fihlella bonamong bo hlahlamang ba moputso, ho latela motjha o tshwanelehileng.
I.2 Bonyane hang dilemong tse tharo, bolaodi ba phethahatso bo tla lekola botjha ditlhaloso tsa mosebetsi le dihlooho mme moo ho hlokehang, bo tla boela bo hlalosa hape mesebetsi ena ho netefatsa hore mesebetsi ena e dula e loketse mme e nepahetse.
I.3 Letona ka morero wa ho thusa bolaodi ba phethahatso moralong wa mosebetsi kapa ha mmoho le motjha wa tshebetso o hoketsweng sekepeleng sa moputso, le tla tsepamisa-
a khoutu ya tefo CORE bakeng sa mokgahlelo wa mosebetsi; le b mokgwa wa tlhophiso ya mosebetsi.
I.4 Bakeng sa bonamo ba moputso o mong le o mong khoutung ya tefo (CORE) Letona le ka nna la nehelana ka keletso ntlheng ya -
a monyetla wa dikahare tsa mosebetsi;
b bokgoni bo hlokehang le bo labalabelwang bakeng sa mosebetsi ona;
c masupi a bokgoni boo; le d makgabane a labalabelwang a mosebetsi le phahamiso mokgeng oo wa mosebetsi.
I.5 Bolaodi ba phethahatso ka sepheo sa ho thusa tlhophollong ya mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba bo tla hokela dikgeo tsa mosebetsi kaofela tse teng lefapheng khoutung e tshwanetseng ya tefo le tshebetsong e hlahileng letotong la tsela ya tlhophiso ya mesebetsi.
J. TEKOLO BOTJHA YA BATSAMAISI LE TLHOKOMELO
J.1 Bolaodi -
a ho latela karolo ya 923b kapa ya 1333b ya Molao wa Motheo, bo tla kenyeletsa lesedi le lokodisitsweng molawaneng wa III J.2 kapa ho J.3 pehelong ya selemo, eo ho buuwang ka yona dikarolong tsa 401di le 3 ha mmoho le 651a ekasitana le 2 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba le serapa sa 18.5.1 sa Melawana ya Matlotlo; le b ho latela karolo ya 651a ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba, nakong ya kgwedi e le nngwe ka morao hoba bo amohele pehelo ya mohlakisi wa ditjhelete, bo tla teka pehelo ya selemo ka pele ho lekgotla le etsang melao le loketseng, mme nakong yona eo bo tla nehelana ka pehelo ya selemo ho ramatlotlo ya tshwanetseng, ho boraditaba le ho setjhaba.
J.2 Pehelo ya pele ya selemo, eo ho buuwang ka yona molawaneng wa III J.1, e tla tekwa ka pele ho lekgotla le tshwanetseng le etsang melao selemong sa ditjhelete se fellang mohla la 31 Tlhakubele selemong sa 2001, mme e tla kenyeletsa lesedi le hlahisitsweng serapeng sa 1 sa Sehlomathiso sa 1.
J.3 Ho tloha ka la 1 Mmesa 2001, pehelo ya selemo e tla kenyeletsa lesedi le mabapi le moralo, ho finyeletswa ha tshebeletso bathong, tlhophiso, hlahlobo ya mosebetsi, tefo, menyetla, ditshenyehelo tsa moifo wa basebetsi, tshebediso ya baeletsi, lenaneo la tokiso la ho kenya basebetsi ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng, ho thaothwa ha basebetsi, phahamiso ya bona, ho kgaotswa ha tshebeletso, taolo ya tshebetso, ntshetsopele ya mahlale a tshebetso, ho tswa kotsi mosebetsing, dikamano tsa mosebetsi, llifi le ho lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa ditaba ka teng. Molawaneng ona ?moeletsi? o bolela motho eo ka tlwaelo kapa ka molao kapa selekane se etswang hore ho nehelanwe ka mesebetsi ena e latelang ya profeshenale lefapheng, ho latela tumellano e ikgethang le ka sepheo se ikgethang ka tefello e tswang mohloding ofe kapa ofe:
a hore ho fanwe ka keletso ya botsebi;
c moralo wa ditlhahiso bakeng sa phethahatso ya mesebetsi e ikgethang; le c phethahatso ya tshebetso e ikgethang ya sebopeho sa thekniki le bohlale bo phahameng, kantle le ho sebedisa motho ya sebetsang lefapheng.
Molawana wa J.3 jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 753 ya mohla la 7 Phupjane 2001 e sebetsang ho tloha mohla la 7 Phupjane 2002
J.4 Letona la tla tsepamisa kgafetsa sebopeho seo ka sona lesedi leo ho buuwang ka lona molawaneng wa III J.3 le tla kenyeletswa pehelong ya selemo.
Molawana wa J.4 jwalo ka ha o fetotswe ka Tsebiso ya Nomoro ya R. 753 ya mohla la 7 Phupjane 2001 e sebetsang ho tloha ka la 7 Phupjane 2002
KAROLO YA IV. HLAHLOBO YA MOSEBETSI
A. METHEO
Ho netefatsa hore mosebetsi wa boleng bo tshwanang o lefellwa ka tsela e tshwanang, tshebeletso ya setjhaba e tla eketsa ho sebedisa hlahlobo ya mosebetsi-
a ho thusa ho finyella tlhophiso ya mosebetsi e baballang tjhelete; le b ho tsepamisa tefello e tshwanelehileng.
B. BOIKARABELO
B.1 Letona le tla tsepamisa-
a tsela kapa ditsela tsa hlahlobo ya mosebetsi tse tla sebediswa tshebeletsong ya setjhaba;
b lethathama la boima ba mosebetsi bo nkilweng tseleng kapa ditseleng tsa lethathameng la bonamo bo bong le bo bong ba sekepele sa moputso; le c mosebetsi kapa mokga wa mesebetsi eo bolaodi ba phethahatso bo lokelang ho e hlahloba.
B.2 Letona le ka -
a lekola botjha tshebediso ya hlahlobo ya mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba;
b fana ka ditaelo tshebedisong ya tsela kapa ditsela tsa hlahlobo ya mosebetsi;
c hlahloba mosebetsi ofe kapa ofe; kapa le d laela lefapha ho nka mehato ho matlafatsa boleng ba tsela, ho kenyeleditswe le hlahlobo e nngwe ya mesebetsi, popo e ntjha ya karolo e ikarabellang hlahlobong ya le kapa thupelo e nngwe hape ya basebetsi ba bang ba ikarabellang hlahlobong ya mosbetsi lefapheng.
B.3 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba hlahloba mosebetsi o mong le o mong lefapheng la bona.
KAROLO YA V. TEFO YA BASEBETSI
A. METHEO
A.1 Tefo tshebeletsong ya setjhaba tlasa meedi ya ditekanyetso tsa ditjhelete, e tla rera ho tshehetsa-
a tshebeletso e kgabane le e sebetsang hantle ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong le ho nehelana ka dikgothaletso tse tshwanelehileng ho basebetsi.
b tefo ya moputso o lekanang bakeng sa mosebetsi wa boleng bo lekanang le maemo a mang a mosebetsi.
A.2 Bolaodi ba phethahatso tsepamisong ya moputso wa mosebetsi, bo tla nkella hloohong-
a ditumellano tse tshwanelehileng tse fihletsweng ha mmoho;
b ditjhelete tse teng;
c sephethong sa hlahlobo ya mosebetsi, haeba se le teng;
d tshebetso ya mosebetsi; le e tlhokeho ya ho thaotha le ho boloka moifo wa basebetsi ba nang le bokgoni bo loketseng.
B. TSEPAMISO YA DIKEPELE TSA MOPUTSO LE DITLHAPISO
Letona le tla beha sekepele kapa dikepele tsa moputso ha mmoho le ditlhapiso-
a bakeng sa basebetsi ba akaretswang ke Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi, motjheng wa tsela e loketseng ya ditumellano tse fihletsweng ha mmoho tsa meputso; le b molemong wa basebetsi ba bang, ka tsepamiso.
C. HO HLWAYA KA MAEMO LE TEFO
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa boemo ba sekgeo sa mosebetsi hore bo tsamaelane le boima ba mosebetsi wa teng le ho beha moputso o simollang wa mosebetsi bonyaneng ba sekepele sa bonamo ba moputso o hokeletsweng boemong bo loketseng, ntle leha moputso o bontsha ho se lekane tlasa sekepele sa molawana wa V C.3.
C.2 Ha mosebetsi e le wa boima bo fetang ba moputso wa bonamo bo itseng, bolaodi ba phethahatso bo tla beha hore ho sebediswe bonamo ba moputso ofe o tshwanelehileng.
C.3 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba beha moputso wa sekgeo sa mosebetsi kapa mosebetsi ka hodimo ho sekepele se tlase sa bonamo ba moputso o bontshitsweng ke boima ba mosebetsi-
a haeba bolaodi bo hlahlobile lefapha la mosebetsi, empa bo sa kgone ho thaotha kapa ho boloka mosebetsi ya nang le bokgoni bo hlokehang ka moputso o bontshitsweng ke boima ba mosebetsi; le b bolaodi bo tla ngodisa lebaka la hore ke hobaneng moputso o bontshitsweng ke boima ba mosebetsi o fumanwe o sa lekana.
C.4 Haeba boima ba mosebetsi bo bontsha hore mosebetsi o tlatsitsweng o behilwe boemong bo tlase kapa bo hodimo, bolaodi ba phethahatso bo tla tlisa diphetoho tlhophisong ya mosebetsi kapa bo tla boela bo beha mosebetsi ona boemong bo bong hape ho latela boima ba mosebetsi le ho latela ditumellano tse tshwanelehileng tse fihletsweng ha mmoho, ho ya ka monyetla o entsweng molawaneng wa V C.5 ho isa ho C.7
C.5 Bolaodi ba phethahatso bo ka eketsa moputso wa mosebetsi o itseng hore o fihle bonamong ba moputso o hodimo e le ho etsa hore o nyalane le boima ba mosebetsi, haeba-
a boima ba mosebetsi ha bo lekanngwa ka tsela ya hlahlobo ya mosebetsi bo bontsha hore sekgeo sa mosebetsi se ne se ile sa fuwa boemo bo sa nepahalang; le b ditekanyetso tsa lefapha le ditshenyehelo tsa moralo wa tshebetso wa nako e bohareng di etsa monyetla wa ditjhelete tse lekaneng.
C.6 Ha bolaodi ba phethahatso bo eketsa moputso wa sekgeo sa mosebetsi ho latela ka moo ho entsweng monyetla ka teng molawaneng wa V C.5, bo ka nna ba tswelapele ho kenya motho sekgeong sena sa mosebetsi wa boemo bo phahamisitsweng ntle le hore sekgeo sena sa mosebetsi se phatlalatswe haeba motho ya keneng sekgeong sena sa mosebetsi-
a a ne a se a ntse a etsa mesebetsi wa sekgeo sena sa mosebetsi;
b a se a ile a fumana sephetho sa tshebetso e kgotsofatsang hlahlobong ya mosebetsi ona haufinyane; le c a qadile mosebetsi sekepeleng se tlase sa bonamo ba moputso o phahameng.
C.7 Ho kenngwa ha mosebetsi sekgeong sena sa mosebetsi se fuweng maemo a hodimonyana ho latela ka moo ho entsweng monyetla ka teng molawaneng wa V C.6 ho tla sebetsa ho tloha letsatsing la pele la kgwedi e latelang ya kgwedi eo bolaodi bo ileng ba ananela taba ena ya ho kenngwa mosebetsing hona.
C.8 Haeba bolaodi ba phethahatso bo fumana hore bonamo ba moputso ba sekgeo sa mosebetsi seo ho keneng motho ho sona bo tlola bonamo bo bontshitsweng ka boima ba mosebetsi, bolaodi -
a haeba ho kgoneha-
i bo tla boela bo rala botjha mosebetsi hore o lekane le boemo ba mosebetsi; kapa ii bo tla fetisetsa motho enwa ya keneng mosebetsing ona mosebetsing o mong o bonamong bo tshwanang le boo ka moputso wa tjhelete; le b bo tla ikamahanya le molao o tshwanetseng ekasitana le ditumellano tse fihletsweng ha mmoho.
C.9 Bolaodi ka hlohle ka moo ho kgonehang ka teng bo tla beha moputso wa mosebetsi wa mokobobo, wa sehla se itseng kapa wa nakwana o tsamaelanang le moputso wa mosebetsi wa moshwella o behilweng boemong bo tshwanang le boo.
D. MOSEBETSI O KANTLE HO DIHORA TSE TLWAELEHILENG TSA TSHEBETSO
D.1 Letona le tla beha direiti tsa tefo ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa tshebetso ho latela ditumellano tse fihletsweng mmoho tsa meputso ka tsela ya dipuisano tsa meputso.
D.2 Bolaodi ba phethahatso bo ka lefa mosebetsi bakeng sa mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi -
a haeba mosebetsi a sa wele mokgeng wa SMS, ntle le dintlheng tse ding tse itseng tse hlahisitsweng molawaneng wa V D.3;
b haeba lefapha le na le leano le ngotsweng ka taba ena ya tshebetso e kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi;
c haeba bolaodi ba phethahatso bo fane ka tumello e ngotsweng esale pejana moo bo dumelang hore mosebetsi o jwalo o ka etswa; le d ntle le haeba ho na le mabaka a itseng a fapaneng, tefo ya kgwedi ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi e botjwa ka diphesente tse ka tlase ho 30 tsa moputso wa mosebetsi wa kgwedi le kgwedi.
D.3 Bolaodi ba phethahatso maemong a ikgethang, bo ka lefa setho sa SMS tjhelete ya dihora tse sebeditsweng kantle ho nako e tlwaelehileng ya mosebetsi haeba?
a tefo ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa tshebetso e le phesente e le nngwe kapa e le ka tlase ho tjhelete ya moputso ya boemo bo lokotseng ba moputso oo; le b lefapha le tsepamisitse mehato e hlakileng le e utlwahalang ha mmoho le ditsela tse mabapi le mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi tse ileng tsa rerwa le moifo wa basebetsi o loketseng.
D.5 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa leano la mosebetsi o entswang ka ntle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi ho latela ditumellano tse fihletsweng mmoho tsa tla beha -
a mekga ya basebetsi e kekeng ya amohela tefo bakeng sa mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tsa mosebetsi ka lebaka la sebopeho sa mosebetsi wa bona ha mmoho le boikarabelo ba bona;
b mabaka ao ka ona mohlokomedi a ka dumellang mosebetsi ya itseng ho sebetsa nakong e kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi;
c haeba mosebetsi a tla amohela tefo kapa a fuwe matsatsi a hoba siyo mosebetsing e le tefello ya mosebetsi o entsweng kantle ho dihora tsa mosebetsi bakeng sa mosebetsi o dumeletsweng;
d hore mosebetsi o lokela ho sebetsa dihora tse kae tsa mosebetsi o etswang kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi nakong e itseng;
e hore mohlokomedi wa basebetsi o lokela ho ngodisa tumello ya nako ena ya dihora tse kantle ho tshebetso ka tsela e jwang; le f mehato e meng ya taolo, haeba ho hlokeha.
E. MENYETLA YA MOSEBETSING, DITLWAELO TSE DITLHAPISO TSA TSHEBETSO LE MENYETLA E MENG YA TSHEBETSO
E.1 Letona le tla tsepamisa menyetla ya mosebetsing, ditsela tsa ho fana ka ditlhapiso, ditsela tsa menyetla ya tshebetso ka motjha wa ditumellano tse fihlelwang ha mmoho tsa meputso, kapa bakeng sa basebetsi ba sa weleng ka hare ho Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi ka ho otloloha.
E.2 Letona le ka tsepamisa-
a ditlhapiso tse ikgethang tsa letsatsi le letsatsi tsa maeto a basebetsi a mose ho mawatle; le b kopo ya monyetla wa mosebetsi, tsela tsa tefo, monyetla wa mosebetsi kapa ditlhapiso.
E.3 Ho latela dipallo tsa tumellano tse loketseng le tse fihletsweng ha mmoho, bolaodi bo na le hona hore bo ka fana ka tjhelete basebetsing ba dikonteraka tsa nako e behilweng e lekanang le menyetla e fumanwang ke basebetsi ba moshwella, ntle le dihlooho tsa lefapha.
a kgothaletsa mosebetsi hore a sebedise nako yohle ya hae ya llifi eo a ileng a e fumana selemong seo;
b ngodisa ka nepo le ka ho phethahala nako ya llifi kaofela e nkilweng ke mosebetsi; le c netefatsa hore mosebetsi ha a sebedise llifi ya ho kula ka tsela e fosahetseng.
G. LESEDI LE MABAPI LE MOPUTSO
G.1 Bonyane selemong se seng le se seng, Letona le tla phatlalatsa le ho nehelana mafapheng ka sekepele sa moputso kapa dikepele tsa meputso tse sebediswang tshebeletsong ya setjhaba.
G.2 Hlooho ya lefapha moo e sebetsanang le ditaba tsa batho ka bobona le moputso wa mosebetsi ya itseng, e tla hlompha tokelo ya mosebetsi ya hore ditaba tsa hae di dule di le poraefete.
G.3 Bekeng ya pele ho letsatsi la mosebetsi la ho fumana moputso wa hae, hlooho ya lefapha e tla nehela mosebetsi lesedi lena le ngotswe fatshe:
a Lebitso la lefapha le aterese.
b Lebitso la mosebetsi c Sehlooho sa mosebetsi wa mosebetsi le mokga wa tshebetso ho latela khoutu ya CORE.
d Sekepele sa moputso wa mosebetsi.
e Le ditefello dife kapa dife tseo lefapha le di lefang mosebetsi ka ho otloloha ho latela motheo wa kgwedi e nngwe le e nngwe.
f Nako e lefellwang.
g Palo le lebaka la dikgulo dife kapa dife.
h Palo e napahetseng ya tjhelete e lefilweng mosebetsi.
KAROLO YA VI. TIKOLOHO YA MOSEBETSI
A. METHEO
Tikoloho ya mosebetsi e lokela hore e tshehetse tshebeletso e kgabane le e sebetsang hantle ya ho finyeletsa ditshebeletso le moo ho kgonehang maemo a utlwahalang a basebetsi ka ho fapana ha bona a lokela ho nkellwa hloohong, ho kenyeletswa le boqhwala, HIV (Human Immunodeficiency Virus, eo ka morao ho mona e tla bitswa feela HIV) le AIDS (Acquired Immune Deficiency Syndrome, eo ho tloha mona e tla bitswa feela AIDS) le maemo a mang a ho kula a tla nkellwa hloohong le ona.
Molawana wa A jwalo ka ha o ile wa fetolwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 840 ya mohlala la 21 Phupjane 2002 o tla sebetsa ho tloha mohla la 21 Phupjane 2002
B. DIHORA TSA NAKO YA MOSEBETSI
Hlooho ya lefapha e tla tsepamisa -
a beke ya mosebetsi le dihora tsa letsatsi le letsatsi tsa mosebetsi bakeng sa basebetsi; le b dinako tsa ho bula le dinako tsa ho kwala dibaka tsa mosebetsing tse tlasa taolo ya hae, a nkeletse hloohong-
i ditlhoko tsa setjhaba ka moelelo wa lenaneo le ntlafetseng la lefapha la ho finyeletsa tshebeletso setjhabeng; le ii ditlhoko le maemo a basebetsi, ho kenyeleditswe le boitlamo ba malapa le ditlhophiso tsa dipalangwang.
Hlooho ya lefapha e ka nna ya hloka mosebetsi hore a etse mosebetsi wa hae kantle ho dihora tse tlwaelehileng tsa mosebetsi haeba mosebetsi o lokela hore o etswe ntle le tshitiso ho latela maemo a kekeng a laolwa ke hlooho ya lefapha le ao hlooho ya lefapha e ne e keke ya lebellwa hore e be e ile ya etsa monyetla wa maemo a jwalo.
D. BOPHELO BO BOTLE LE POLOKEHO
Hlooho ya lefapha e tla theha le ho hlokomela hore ho na le tikoloho e bolokehileng le e nang le bophelo bo botle bakeng sa basebetsi ba lefapha.
E.1 Pepeseho mosebetsing
a e tla fumana dikarolo kapa basebetsi lefapheng bao ka lebaka la sebopeho sa mosebetsi wa bona, ba pepesehileng hore ba ka tshwarwa ke HIV le mahloko a mang a amanang le yona, le ho nka mehato e utlwahalang ya ho fokotsa mathata a jwalo a pepeseho ya HIV mosebetsing le mahloko a amanang le yona;
b e tla nka mehato kaofela e utlwahalang ya ho etsa monyetla wa thuso ya keletso e sa qobellweng le e tliswang ka nako le diteko ha mmoho le pheko e sebeletsang ho thibela ho kula ka morao ho pepeso e etsahetseng e tsamaelanang le ditataiso tse hlahelang le diprothokholo tsa basebetsi ba ileng ba pepeseha bohlokong ba HIV ka lebaka la ketsahalo ya mosebetsing; le c haeba teko tseo ho buuwang ka tsona serapeng sa b di bontsha hore mosebetsi o ile a ba le tshwaetso ya HIV ka lebaka la ketsahalo ya pepeso ya bohloko bona mosebetsing, ho tla etswa bonnete ba hore mosebetsi o a thuswa ho etsa kopo ya ditlhapiso ho latela Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mahloko a hlahileng ho basebetsi ba Tshebetsong, wa 1993 Molao wa Nomoro ya 130 wa selemo sa 1993.
E.2 Phediso ya Kgethollo
a e tla netefatsa hore ha ho mosebetsi kapa motho ya lakatsang ho sebetsa lefapheng ya kgethollwang ka leeme ka lebaka la boemo ba ho kula ha hae ba HIV, kapa boemo boo a bo hopolelwang ba HIV, ka leano lefe kapa lefe la lefapha kapa tlwaelo; mme b e tla nka mehato e loketseng e eme ka maoto ho kgothaletsa hore ho seke ha eba le kgethollo le ho tshireletsa basebetsi ba nang le tshwaetso ya HIV le basebetsi ba nkuwang ba na le tshwaetso ya HIV ho latela kgethollo.
a tla kgothaletsa thuso ya keletso e sa qobellweng ha mmoho le hlahlobo ya HIV ekasitana le ho kula ho tsamaelanang le mahloko ana, moo ho kgonehang, e tla etsa monyetla wa hore basebetsi ba kgone ho finyella ditshebeletso tse jwalo lefapheng; hape b tla etsa bonnete ba hore ha ho na mosebetsi kapa motho ya hopotseng ho kena mosebetsing wa lefapha ya hlahlobelwang HIV ntle leha Lekgotla la Dinyewe tsa Basebetsi le phatlaladitse hore hlahlobo e jwalo e loketse ho etswa ho latela Molao wa Tekano Mosebetsing, wa 1998 Molao wa Nomoro ya 55 wa 1998.
E.4 Lekunutu le ho phahla lekunutu
Basebetsi kaofela ba tla boloka lesedi la boemo ba mosebetsi ya nang le tshwaetso ya HIV e le lekunutu mme ba keke ba hlahisa lesedi leo mothong ofe kapa ofe e mong ntle le tumello ya mosebetsi enwa ya amehang e ngotsweng fatshe.
E.5 Lenaneo la ntshetsopele ya Bophelo bo botle
a kenya tshebetsong mananeo a thuto e tshwanelehileng, a temoso le a thibelo a itshetlehileng hodima HIV/AIDS le mahloko a mang a tshwaetso e tlang ka tsela ya thobalano bakeng sa basebetsi ba lefapha, mme moo ho kgonehang le bakeng sa ba malapa a bona, mme ka moo ho tla kgoneha ka teng lefapha le tla tswaka mananeo ao le mananeo a ntshetsang pele bophelo bo botle le ho phela ho nepahetseng ha ba basebetsi;
b theha mekgwa sebakeng sa mosebetsi ya ho kgothaletsa basebetsi ba nang le tshwaetso ya HIV ho se tshabe letho kapa hoba le kelello e batsi, ho amohela, ho fumana tlhokomelo le ho hlokomela hore ba fumana tshehetso. Mekgwa eo e jwalo e kgethwa hore e bope karolo ya lenaneo la thuso e akaretsang kapa ya lenaneo le kgothaletsang bophelo bo botle;
c ho abela setho sa SMS se nang le tsebo e loketseng, le boemo bo phahameng ha mmoho le tshehetso se ka hare ho lefapha mosebetsi wa ho kenya tshebetsong dipallo tse fuperweng ke molawana wa VI E, le ho netefatsa hore setho se abetsweng boikarabelo bona se jariswa boikarabelo ka mokgwa wa tumellano le yena ya tshebetso ya ho kenya tsebetsong dipallo tsena;
d e tla fana ka mehlodi e lekaneng ya ditjhelete le ya basebetsi ho kenya tshebetsong dipallo tsa molawana wa VI E, mme, moo ho lokelang, e tla bopa dilekane le mafapha a mang, mekgatlo le batho ba kgonang ho thusa ka mananeo a bophelo bo botle;
e e tla theha komiti ya HIV/AIDS ya lefapha ka baemedi ba anetseng le tshehetso e tswang ho baamehi ba tshwanetseng, ho kenyeleditswe baemedi ba mekgatlo ya basebetsi, ho etsa monyetla wa tshebetso e ntle ya dipallo tsa molawana wa VI E; hape f netefatsa hore lenaneo la kgothaletso ya bophelo bo botle le kenyeletsa lewa la kgokahano e sebetsang hantle ya ka hare.
Molawana wa E jwalo ka ha o kentswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 840 ya mohla la 21 Phupjane 2002 e keneng tshebetsong ho tloha mohla la 21 Phupjane 2002
F. TLHOKOMELO LE HLAHLOBO
Hlooho ya lefapha e tla kenya tshebetsong mehato e loketseng ya tlhokomelo le hlahlobo ya tshusumetso ya lenaneo la kgothaletso ya bophelo bo botle basebetsing ba lefapha.
Molawana wa F jwalo ka ha o kentswe ka Tsebiso ya Nomoro ya R. 840 ya mohla la 21 Phupjane 2002 e kenang tshebetsong ho tloha mohla la 21 Phupjane 2002
KAROLO YA VII. MEHATO YA HO KENNGWA MOSEBETSING HA
BASEBETSI, HO PHAHAMISWA LE HO KGAOLWA
TSHEBELETSONG
A. METHEO
Ditlwaelo tsa ho kenya basebetsi mosebetsing e tla ba tse tla netefatsa hore ho na le tekano mosebetsing, ha ho na leeme, ho sebetswa ka bokgabane le hore ho fihlellwa tshebeletso ya setjhaba e nang le boemedi. Mehato ya tokiso ya tse neng di fosahetse nakong e fetileng e tla sebedisetswa ho potlakisa ho thehwa ha tshebeletso ya setjhaba e nang le boemedi le tekano le ho fana ka tshehetso e bonahalang ya batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ka lebaka la kgethollo e nang le leeme ho etsa hore ba kgone ho fihlella bokgoni ba bona bo phethahetseng. Ditlwaelo tsa ho fana ka mosebetsi di lokela ho kgothaletsa haholo tenyetseho, le ho fokotsa tsamaiso eo eleng morwalo ho ramosebetsi le mosebetsi, le hore ka kakaretso ho thibelwe tshenyo le tshebetso e hlokang bokgabane.
B. DIPEHELANO TSA HO FUWA MOSEBETSI
a bo hira basebetsi ka motheo wa moshwella kapa wa nakwana;
b moo mosebetsi e leng wa nakwana, bolaodi bo ka hira mosebetsi wa nakwana ka konteraka e ikgethang, ka motheo ho tla ha ho hlokeha kapa ka ho tla mosebetsing ka tsela ya phapanyetsano ya dinako;
c bo keke ba hira motho ofe kapa ofe ya ka tlase ho dilemo tse 16;
d bo tla tsepamisa ditlhoko tsa bophelo bo botle bakeng sa motho ya lokeng ho kena sekgeong sa mosebetsi, moo sekgeo sa mosebetsi se tla hloka jwalo;
f bo tla hloka mosebetsi hore a kgotsofatse ditlhoko tsa tshireletso tse itseng feela moo mesebetsi e hokeletsweng sekgeong sa mosebetsi eleng e hlokang hore ho kgotsofatswe ditlhoko tsa tshireletso moo ho hlokehang;
g bo tla netefatsa hore mosebetsi e mong le e mong ka morao hoba a hirwe o fuwa konteraka e ngotsweng ya mosebetsi, ho kenyeleditswe le dipallo le dipehelano tsa mosebetsi wa hae.
B.2 Dikonteraka tsa mosebetsi tsa dihlooho tsa lefapha
B.2.1 Konteraka e lokela ho fihlellwa ke bolaodi ba phethahatso le hlooho ya lefapha ho latela karolo ya 12 jwalo ka ha e tsepamisitswe Karolong ya 1 ya Sehlomathiso sa 2 sa Melawana ena. Ha mmoho le dintlha tse lohothwang karolong ya 12 (a) ho isa ho ya (c) ya Molao ona, konteraka e ka nna ya qoholla boromuwa bo ka sehloohong kapa tumello ho hlooho ya lefapha ho latela molawana wa II B.1 eleng se hlokehang ho laola lefapha ho latela karolo ya 7 (b) ya Molao ona, le karolo e hlakisang hore boromuwa kapa tumello di phaellwe kapa di fokotswe tumelanong.
B.2.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla etsa monyetla wa hore Letona le fumane khopi ya konteraka ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng ka morao hoba ho fihlelwe tumellano.
B.3 Ho hirwa hape ha basebetsi ba mehleng
B.3.1 Bolaodi ba phethahatso bo keke ba boela ba hira hape basebetsi ba mehleng moo-
a mosebetsi wa mehleng a ileng a tsamaya tshebeletsong pejana ka pehelano ya hore a keke a hlola a sa amohela kapa a batla hore a fuwe mosebetsi mona hape;
b mabaka a sethatho a ho lesa mosebetsi a sa dumeleng hore basebetsi ba tswileng tshebeletsong ba boele ba fuwe mosebetsi hape; kapa c mosebetsi wa mehleng a ileng a lesa tshebeletso ya setjhaba ka lebaka la ho kula mme a keke a kgona ho hlahisa bopaki ba haufinyane bo bontshang hore o a hlaphohelwa.
B.4 Ho sebediswa ha mosebetsi sebakeng se seng sa mosebetsi
B.4.1 Bolaodi ba phethahatso ka tumellano le mosebetsi ya amehang, bo ka nna ba sebedisa mosebetsi sebakeng se seng sa mosebetsi lefapheng le leng tshebeletsong ya setjhaba bakeng sa tshebeletso e itseng kapa bakeng sa nako e itseng.
B.4.2 Lefapha le amohelang mosebetsi enwa le tla jara ditshenyehelo tse kenyeleditseng tsohle tsa mosebetsi enwa ya tlisitsweng ho lona, ntle leha mafapha ana ka bobedi a dumellana ka tsela e nngwe e fapaneng, kapa, ha mohlomong Ramatlotlo a ananela ditlhophiso tse ding.
B.4.3 Monyetla o entsweng ka molawana wa VII B.4.2 o boetse o sebetsa le tshebedisong ya basebetsi bakeng tse ding o entsweng ho latela karolo ya 15 ya Molao wa mebuso e meng le mekgatlo ya matjhaba.
B.5 Ho tshwara mokobobo dikgeong tsa mesebetsi e phahameng
B.5.1 Hlooho ya lefapha e ka lefella mosebetsi bakeng sa ho tshwara mokobobo sekgeong se hodimo se hlokang mosebetsi ya sebetsang ho sona ho latela tsepamiso e entsweng ke Letona ka tsela ya ditumellano tsa meputso tse fihletsweng mmoho le mekgatlo ya basebetsi.
B.5.3 Mosebetsi a keke a tshwara mokobobo sekgeong sa mosebetsi o hodimo nakong e tlolang dikgwedi tse 12 tse sa kgaokgaoheng.
B.5.4 Ka mabaka a molawana wa VII B.5.3, nako efe kapa efe e sa kgaokgaolweng ya ho tshwara mokobobo sekgeong sa mosebetsi o hodimo hang pejena ho 1 Phupu 1999, e tla nkellwa hloohong moo mosebetsi a tswelang pele ka ho tshwara mokobobo ho fihlela nakong e jwalo.
C. HO THAOTHWA
C.1 Ho tsepamiswa ha ditlhoko tsa mosebetsi
C.1.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa ditlhoko tsa mosebetsi tsa sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi ho latela motheo wa sebopeho sa ditlhoko tsa mosebetsi oo.
C.1.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla-
a ngodisa ditlhoko tsa mosebetsi;
b netefatsa hore ditlhoko tsa mosebetsi ha di kgetholle batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng;
c ikamahanya le ditlhoko dife kapa dife tsa molao khirong ya basebetsi.
C.2.1 Bolaodi ba tla netefatsa hore dikgeo tsa mosebetsi tse teng lefapheng di a phatlalatswa hore di finyelle, ka nepahalo le ka bokgabane ka hohle ka moo ho ka kgonehang ka teng bongateng ba batho ba nang le monyetla wa ho etsa kopo ya mosebetsi, haholo batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
C.2.2 Papatso ya sekgeo sa mosebetsi e tla qaqisa ditlhoko tseo eleng tsona tse ka sehloohong mosebetsing ona, sehlooho sa mosebetsi le mesebetsi ya sehlooho ya mosebetsi ona.
C.2.3 Sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi se teng ho SMS se tla phtlalatswa naheng ka bophara.
C.2.4 Bolaodi ba phethahatso bo tla phatlalatsa sekgeo sefe kapa sefe sa mosebetsi se teng lefapheng ka bonyane, empa bo ka boela ba phatlalatsa sekgeo se jwalo-
a sebakeng se seng tshebeletsong ya setjhaba; kapa b kantle ho tshebeletso ya setjhaba naheng ka bophara kapa karolong ya selehae.
C.2.5 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba tlatsa sekgeo sa mosebetsi ntle le ho ikamahanya le melawana ya VII C.2.3 le ya C.2.4 haeba-
a lefapha le ka tlatsa sekgeo ka basebetsi ba tswang moifong wa lefapha ba boemong bo lekanang le ba sekgeo seno;
b lefapha le ka kgona ho kenya mosebetsi sekgeong sena ya neng a hirilwe tlasa lenaneo la mehato ya tokiso ya tse neng di fosahetse nakong e fetileng, haeba mosebetsi eo a kgotsofatsa ditlhoko tsa sekgeo seo sa mosebetsi;
c lefapha le rerile ho tlatsa sekgeo seo sa mosebetsi jwalo ka karolo ya lenaneo la ho fa basebetsi monyetla wa ho potoloha mesebetsi kapa ho fetisetsa basebetsi mesebetsing e meng ho matlafatsa tshebetso e ntle ya tlhophiso ya mosebetsi le mahlale a mosebetsi; kapa d sekgeo sa mosebetsi se tlatswa ho latela karolo ya 3B ya Molao.
C.2.6 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba sebedisa boemedi bo loketseng ho fumana baikopedi bakeng sa dikgeo tsa mosebetsi, ha feela papatso le mehato ya ho hlwaya batho bakeng sa mosebetsi e nyalana le melawana ya VII C le ya D.
C.2.7 Letona le ka nna la laela hore dikgeo tsa mosebetsi di phatlalatswe ka mokgwa o jwang tshebeletsong ya setjhaba.
D. TSELA YA HO HLWAYA BASEBETSI
D.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla kgetha komiti e tla etsa dikgothaletso tsa batho ba lokelang hore ba hirwe bakeng sa dikgeo tsa mosebetsi. Komiti ya kgetho e tla botjwa ka ditho tse tharo bonyane tseo eleng basebetsi ba boemong bo lekanang le ba mosebetsi oo kapa ba ka hodimo ho boemo ba sekgeo seo sa mosebetsi se lokelang hore se tlatswe kapa batho ba loketseng ba tswang kantle ho tshebeletso ya setjhaba kapa moo basebetsi ba jwalo le batho ba jwalo ba nang le boemedi. Leha ho le jwalo-
a modulasetulo wa komiti ena e hlwayang, eo e tla be e le mosebetsi, o tla be a le boemong bo hodimonyana ho feta ba sekgeo sena sa mosebetsi se lokelang ho tlatswa; mme b haeba ho etsahala hore motsamaisi wa karolo eo eleng yona e nang le sekgeo sena sa mosebetsi, a le boemong bo ka tlase ho sekgeo sa mosebetsi ona, motsamaisi ya jwalo a ka nna a kena feela komiting ya kgetho.
a hlooho ya lefapha la naha, e tla kenyeletsa bonyane Matona a mararo; mme b hlooho ya tsamaiso ya provense kapa ya lefapha la provense, bonyane e tla kenyeletsa ditho tse tharo tsa Lekgotla la Phethahatso tsa provense e tshwanetseng.
D.3 Komiti ya kgetho, moo ho kgonehang, e tla kenyeletsa boemedi bo anetseng batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong fetileng.
D.4 Basebetsi ba boemong bo ka tlase ho boemo ba sekgeo sa mosebetsi se lokelang ho tlatswa ba ka nna ba thusa ka ditshebeletso tsa bongodi kapa tsa boeletsi nakong ya tshebetso ya ho hlwaya moikopedi ya loketseng, empa bona e keke ya eba karolo ya komiti e etsang kgetho.
D.5 Komiti e etsang kgetho e tla etsa kgothaletso ya moikopedi ya loketseng ka morao hoba e tsepamise maikutlo feela-
a leseding le thehilweng mekgweng e nang le matla a sebetsang, dikepele kapa disebediswa tse itseng tsa kgetho tse hlokang leeme la mofuta ofe kapa ofe kapa kgethollo;
b thupelong, mahlaleng, bokgoning le tsebong e hlokehang ya ho kgotsofatsa ditlhoko tse bopang semelo sa sekgeo sa mosebetsi oo;
c ditlhokong tsa lefapha tsa ho ntshetsa pele mehlodi ya bokgoni ba basebetsi;
d boemeding ba karolo eo sekgeo seo sa mosebetsi se leng ho yona; le e lenaneong la lefapha la tokiso ya diphoso tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng.
D.6 Komiti ya kgetho e tla ngodisa mabaka a qeto ya yona mabapi le dikepele tse hlohlomisitsweng molawaneng wa VII D.5.
D.7 Ha bolaodi ba phethahatso bo sa ananele kgothaletso ya komiti ya kgetho bolaodi bo tla ngodisa mabaka a qeto ya bona.
D.8 Bolaodi ba phethahatso pele bo etsa qeto ka khiro kapa taba ya ho tlatswa ha sekgeo sa mosebetsi bo tla-
a ikgotsofatsa hore mosebetsi ya kopileng mosebetsi o kgotsofatsa ditlhoko tsa mosebetsi oo ka ho phethahala le hore kopo ya moikopedi enwa ya mosebetsi e tiisitswe; mme b ngodisa tiiso eo ya kopo.
E. NAKO YA TEKO MOSEBETSING
E.1 Basebetsi ba fuweng mosebetsi o sa feteng selemo se le seng, ha ba behwe nakong ya teko ya mosebetsi.
E.2 Mohlokomedi wa mosebetsi ya nakong ya teko o tla netefatsa hore-
a mosebetsi ya nakong ya teko, tshimolohong ya nako ya hae ya teko, o tseba ka tshebetso le ditlhoko tse ding tsa ho fihlela tiiso ya teko ya hae mosebetsing;
b mosebetsi ya tekong, kgweding tse ding le tse ding tse tharo o tla fuwa sephetho sa ka moo a ntseng a sebetsa ka teng le boinyalanyo ba hae le ditlhoko tse ding;
c haeba ho hlokeha, mosebetsi ya tekong o tla fuwa thuso ya thupelo, ya keletso kapa thuso e nngwe hore a kgone ho kgotsofatsa ditlhoko tsa tiiso ya khiro ya hae;
d mosebetsi ya tekong o tla fumana tiiso e ngotsweng ya khiro ha nako ya hae ya teko mosebetsing e fela haeba a ile a fumanwa a tshwanetswe ke ho ka kena sekgeong se loketseng sa mosebetsi; mme e haeba ho lekolwa taba ya teleko ya hae ka lebaka la hobane a hloleha ho phetha mosebetsi oo a o filweng, mosebetsi ya tekong o fuwa monyetla wa ho tshetleha lehlakore la hae la ditaba, nakong eo ka yona mosebetsi ya neng a behilwe tekong ya mosebetsi a nang le monyetla wa hore a ka thuswa ke moemedi eo eleng wa hae, ho kenyeleditswe e mong wa ba sebetsang le yena kapa moemedi wa mokgatlo.
F. PHAHAMISO MOSEBETSING
F.1 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba phahamisetsa mosebetsi ofe kapa ofe sekgeong sa mosebetsi o ananetsweng ke lefapha haeba-
a ditjhelete tse lekanyeditsweng hantle, ho kenyeletswa le ditjhelete tsa nako e setseng tsa moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tse loketseng tsa nako e mahareng tse teng bakeng sa ho tlatswa ha sekgeo seo sa mosebetsi; mme b sekgeo sa mosebetsi se ile sa phatlalatswa mme moikopedi a hlwailwe ho latela melao ya VII C le ya D.
F.2 Ha ho phahamiso ya mosebetsi e tla sebetsa pele ho letsatsi la pele la kgwedi e hlahlamang eo bolaodi ba phethahatso bo ananetseng phahamiso ena ka yona.
F.3 Ha ho mosebetsi ya nang le tokelo efe kapa efe ya ho phahamisetswa sekgeong sa mosebetsi ho fihlela phahamiso eo e ananelwa ka lengolo ke bolaodi ba phethahatso.
G.1 Dilemo tsa ho beha meja fatshe
Mosebetsi o tla beha meja fatshe (ya pensheneng) ha a le dilemong le tlasa maemo a qaqisitsweng karolong ya 16 ya Molao.
G.2 Ho lesa mosebetsi
G.2.1 Bolaodi bo tla tsepamisa mokgwa oo mosebetsi a tla dihela mosebetsing ka ona.
G.2.2 Bolaodi ba phethahatso bo tla ngodisa mabaka ao mosebetsi a faneng ka ona a ho dihela mosebetsing.
G.2.3 Mosebetsi a ka lesa mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba, ka lebaka leo, bolaodi ba phethahatso, ntle le moo ho dumelanweng ka tsela e nngwe, bo tla batla hore -
a moo mosebetsi ofe kapa ofe ya lefuwang ka kgwedi, hore a nehelane ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ya nako e etsang kgwedi e le nngwe;
b moo mosebetsi ofe kapa ofe wa nakwana ya hirilweng nakong e ka tlase ho dibeke tse nne; a fane ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ya bonyane beke e le nngwe kapa c moo mosebetsi wa dinakong tse itseng ya neng a hirilwe nakong e fetang dibeke tse nne, a fane ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ya bonyane dibeke tse pedi.
G.2.4 Mosebetsi eo e tla ba e mong wa bonkgetheng dikgethong tsa ditho tsa Palamente kapa Lekgotleng lefe kapa lefe la provense, kapa ya tla thonngwa jwalo ka setho sa moshwella Lekgotleng la Naha la Diprovense, o tla lokela hore a lese mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba esale pejana.
G.3 Ho kula
G.3.1 Bolaodi ba phethahatso ka lebaka la bopaki ba bongaka bo ka nkella hloohong taba ya ho lokolla mosebetsi mosebetsing ho latela karolo ya 17 (a) ya Molao on ka lebaka la ho kula. Ho fihlela mona, bolaodi ba phethahatso bo ka hloka hore mosebetsi a fumane hlahlobo ya bongaka e tla etswa ke ngaka e ngodisitsweng e le ngaka e ikgethang.
G.3.2 Ho lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula ho tla etswa ka ho nkella hloohong temana ya 10 ya Moralo wa 8 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
G.4 Ditlhoko tsa tshebetso
G.4.1 Bolaodi ba phethahatso bo ka lokolla mosebetsi mosebetsing ka mabaka a tshebetso haeba mabaka a tokollo a nyalana le -
a dikarolo tsa 172b le c tsa Molao le dikarolo tsa 189 le 190 tsa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi; le b tumellano dife kapa dife tse amehang ho tse ileng tsa fihlelwa mmoho di phethahaditswe mme ho hlakile hore ha di behe menyetla eo basebetsi ba lokelang ho e fumanwa ka mosing.
G.4.2 Haeba bolaodi ba phethahatso bo fetisa mosebetsi karolong e nngwe ya tshebetso e kantle ho tshebeletso ya setjhaba, mosebetsi o tla lokela hore a ikamanye le karolo ya 197 ya Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
G.5 Ho kgaolwa ha nako ya teko mosebetsing
Ha ho kgaotswa ditshebeletso tsa mosebetsi ya neng a ntse a le tekong ya mosebetsi o itseng ho latela karolo ya 13 ya Molao, ho tshwanetse hore ho nkellwe hloohong temana ya 8 ya Moralo wa 8 wa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
H. DIREKOTO TSA MOSEBETSI
Hlooho ya lefapha e tla boloka rekoto ya mosebetsi e mong le e mong le ya sekgeo se seng le se seng sa mosebetsi se teng le se ananetsweng ho latela Lesedi la Naha la Bonyane ba Ditlhoko le ntshitsweng ke Letona.
KAROLO YA VIII. TAOLO YA TSHEBETSO LE NTSHETSOPELE
A. METHEO
Mafapha a tla laola tshebetso ka mokgwa wa ditherisano, o tshehetsang le o sa kgeseng e le ho matlafatsa tlhophiso e kgabane le e babatsehang, boikarabelo ba tshebediso ya mehlodi le ho fihlella sephetho. Ditsela tsa taolo ya tshebetso di tla hokahana le meralo e batsi le ya ho ya ho ile ya ntshetsopele ya moifo wa basebetsi le ho ikamanya le sepheo sa lewa la lefapha. Tshekamelo ya sethathong ya taolo ya tshebetso e tla ntshetswa pele empa e tla dumella karabelo e kgabane tshebetsong e phethahetseng ya ho ya ho ile le ho lemoha tshebetso e tswileng matsoho. Mehato ya taolo ya tshebetso e lokela ho fokotsa morwalo wa tsamaiso bahlokomeding ha ka lehlakoreng le leng e loketse hore e hlokomele ponaletso le toka ya tsamaiso.
B. MEKGWA YA TAOLO YA TSHEBETSO LE NTSHETSOPELE
B.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa mokgwa wa taolo ya tshebetso le ntshetsopele ya basebetsi lefapheng ntle le basebetsi bao eleng ditho tsa SMS, ka ho kgema ha mmoho le metheo ya molawana wa VIII A. Mokgwa ona o tla sebediswa ka ho phethahala mafapheng kaofela ho tloha mohla la 1 Mmesa 2001 ho nkeletswe hloohong dipallo tsa seratswana sa 4 sa Sehlomathiso sa 1.
a nako eo tshebetso e lokelang hore e hlahlojwe ka yona, ?sedikadikwe sa tshebetso?.
b letsatsi la selemo la hlahlobo ya tshebetso; le c mohlokomedi ya nang le boikarabelo ba ho hlokomela, ho bona hore dintho di tsamaiswa hantle le ho hlahloba tshebetso ya mosebetsi.
B.3 Mohlokomedi -
a ho latela ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng, o tla kopana le mosebetsi kgafetsa ho buisana le yena ka maikemisetso a mantlha a karolo ya hae le seabo sa mosebetsi katlehong kapa tlholehong ya ho finyella maikemisetso ao;
b pele sedikadikwe sa hlahlobo se simolla kapa nakong ya kgwedi e le nngwe ka morao ho khiro kapa phahamiso mosebetsing oo; mohlokomedi o tla hlalosetsa mosebetsi mohato wa hlahlobo ya tshebetso; mme c o tla tsebisa mosebetsi ka sekepele se sebediswang ho hlahloba tshebetso ya hae.
B.4 Mohlokomedi wa mosebetsi o tla hlokomela tshebetso ya mosebetsi ka dinako tsohle mme a bolelle mosebetsi hore o ntse a tswela pele jwang ka tshebetso ya hae-
a bonyane makgetlo a mane ka selemo-
i a buwe le yena ka molomo, haeba tshebetso ya mosebetsi e kgotsofatsa; mme ii a mo ngolle, haeba tshebetso ya mosebetsi e sa kgotsofatse;
b bonyane a buwe le yena ha bedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse tlang pele ho nako ya mosebetsi ya hlahlobo ya molao ya tshebetso ya hae; mme c a mo ngolle, ka mohla hlahlobo ya selemo le ya molao ya tshebetso ya hae.
C. HLAHLOBO YA TSHEBETSO
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba theha disebediswa tsa hlahlobo ya tshebetso tse fapaneng bakeng sa mekga ya tshebetso kapa maemo a mosebetsi; empa nakong eo mosebetsi a hlahlojwang ka yona, ho tla sebediswa sesebediswa se le seng sa hlahlobo ya tshebetso e le ho thusa ka ho etsa qeto nakong ya mosebetsi ya tekong, ha ho fanwa ka meputso, ha ho phahamiswa mosebetsi le ha ho ntshetswa pele mahlale a mosebetsi
C.2 Hlahlobo e tla thehwa feela hodima lesedi le fuperweng ke sesebediswa sa hlahlobo ya tshebetso se qaqisitsweng. Leha ho le jwalo, moo ho entsweng boipiletso mabapi le hlahlobo, lesedi leo ho fanweng ka lona la boipiletso, le lokela hore le nkelwe hloohong.
C.3 Bolaodi ba phethahatso pele bo sebedisa mokgwa wa taolo ya tshebetso le wa ntshetsopele oo ho buuwang ka ona molawaneng wa VIII B.1 bo tla-
a leka mokgwa ona pele dihlopheng tsa basebetsi mekgeng kaofela ya tshebetso e lekaneng ho ka kgona ho fana ka matla a tshebetso a mokgwa ona o utlwahalang; mme hape b rerisana le mekgatlo ya basebetsi lefapheng la bona.
D. SEPHETHO LE KGOKAHANO KA SEPHETHO SA HLAHLOBO
D.1 Mohlokomedi wa mosebetsi o tla tsebisa mosebetsi ka ho mo ngolla sephetho sa hlahlobo mme haeba tshebetso ya mosebetsi e sa kgotsofatse, mohlokomedi o tla nehelana ka mabaka a hlahlobo eo e jwalo.
D.2 Mohlanka ya sa kgotsofallang sephetho sa hlahlobo ya hae, a ka nna a hana ho saenela sephetho.
D.3 Mohlokomedi wa mosebetsi o lokela ho fumanela mosebetsi ya sa kgotsofallang sephetho sa hlahlobo ya hae tsela ya boipiletso ka mokgwa o hlakileng.
D.4 Boipiletsong ba sephetho sa hlahlobo, mosebetsi a ka nna a thuswa ke mosebetsi e mong ya sebetsang le yena kapa moemedi wa hae wa mokgatlo.
D.5 Bolaodi ba phethahatso bo keke ba buwa ka sephetho sa tshebetso ya mosebetsi le motho ya sa sebetseng lefapheng la bona ntle leha mosebetsi a fane ka tumello e ngotsweng fatshe e jwalo.
E. TAOLO YA TSHEBETSO E SA KGOTSOFATSENG
Moo ho nang le tshebetso e sa kgotsofatseng-
a bolaodi bo tla nehelana ka mokgwa wa thuso kapa tshehetso ya ntshetsopele ho thusa mosebetsi hore a kgone ho ntlafatsa tshebetso ya hae;
b haeba tshebetso e sa kgotsofatse hoo e fokolang ka mokgowa oo ntlafalo e hlokehang e kekeng ya fumaneha, bolaodi bo tla lekola mehato ya ho lokolla mosebetsi tlasa mabaka a ho se tshwanelwe ke ho etsa mosebetsi oo kapa ho hloka bokgoni ba ho phetha mesebetsi wa hae.
F. DIKGOTHALETSO TSA TSHEBETSO E BABATSEHANG
F.1 Haeba ditekanyetso tsa lefapha le moralo wa tshebetso wa ditshenyehelo tsa nako e mahareng le na le ditjhelete tse lekaneng, hlooho ya lefapha e ka nna ya theha morero wa dikgothaletso tsa ditjhelete tsa basebetsi kapa morero wa dikgothaletso tsa ditjhelete tsa mokgahlelo ofe kapa ofe wa basebetsi bao.
F.2 Hlooho ya lefapha hore e kgone ho theha morero wa dikgothaletso tsa ditjhelete wa lefapha-
a ka ho ngola e tla tsepamisa sebopeho, melawana le mehato ya taolo ya morero ona esale pejana;
b e tla buisana le basebetsi ka sebopeho le melawana ya morero ona o lekanang basebetsi bohle; mme c e tla netefatsa hore basebetsi ba phethahatsang mehato ya boleng le taolo ya palo morerong ona ba keke ba tshepelwa ho kenya tshebetsong morero ona mabapi le bona.
G. DITLHAHISO, DINTLAFATSO LE DINTJHAFATSO
Haeba mosebetsi a etsa tlhahiso, ntlafatso kapa a tlisa boqapi ba boleng bo tswileng matsoho lefapheng kapa tshebeletsong ya setjhaba ka kakaretso-
a Mmuso o tla ba le tokelo ya ho sebedisa tlhahiso e jwalo, ntlafatso kapa boqapi bo jwalo; mme b bolaodi ba phethahatso bo ka nna ba fana ka moputso ho mosebetsi ya jwalo ka tsela ya -
i moputso ofe kapa ofe oo eseng wa tjhelete;
ii ho mo fa moputso wa tjhelete e sa feteng diphesente tse 20 tsa moputso wa hae wa selemo oo ho hulwang penshene ya selemo ho yona, eo ho sa tlo hulwa tjhelete ya penshene ho yona, kapa ka tumello ya Letona a fuwa moputso wa tjhelete e fetang diphesente tse 20 tsa moputso wa hae wa selemo; kapa iii moputso o jwalo oo eseng wa tjhelete ha mmoho le moputso o jwalo wa tjhelete.
KAROLO YA IX. THUPELO LE THUTO
A. METHEO
Basebetsi ba lokela hore ba dule ba kgona ho fumana thupelo ya motjha o tjhele e tobisitsweng morerong wa ho fihlella tshebeletso ya setjhaba e sebetsang ka bokgabane, e sa kgeseng lehlakore le nang le boemedi bo botle. Thupelo e lokela ho tshehetsa tshebetso ya mosebetsi le ntshetsopele ya lekala leo mosebetsi a sekametseng ho lona. Thupelo e lokela hore e kgannwe ke ditlhoko haholo le ho amana ka tsela ya lewa le ditlwaelo tsa mehlodi ya basebetsi tse batsi ho feta, ha mmoho le mananeo a matlafatsang tekano le boemedi.
B.1 Letona le ka nna la hlokomela kapa la netefatsa hore seabo sa tshebeletso ya setjhaba institjhusheneng e nngwe le e nngwe se reretsweng ntshetsopele ya thupelo tshebeletsong ya setjhaba, se tsamaelana le Molao wa Bolaodi ba Afrika Borwa ba Mangolo a Boiphihlelo wa 1995 (Molao wa Nomoro ya 58 wa selemo sa 1995).
B.2 Ho latela dipallo tsa Molao le Melawana ena ha mmoho le dipallo tsa Mmuso kapa tsa Lekgotla Dithendara la Provense, ho ka nehelanwa ka thupelo kahare kapa kantle.
B.3 Mohlokomedi o tla nehelana ka menyetla ya thupelo bakeng sa basebetsi ba tlasa tlhokomelo ya hae le taolo ho latela moralo wa lefapha wa thupelo.
B.5 Setho sa SMS se tla etsa hore se fumenehe ho rupela basebetsi tshebeletsong ya setjhaba kapa hore se nehelane ka thupelo.
C. THUPELO E LAOLWANG KE LETONA
C.1 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tse mabapi le thupelo ya basebetsi kapa bakeng sa mokgahlelo o itseng wa basebetsi tshebeletsong ya setjhaba.
C.2 Moo ho tshwanetseng, Letona le tla etsa bonnete ba hore institjushene e nngwe le e nngwe e nang le boikarabelo ba thupelo tshebeletsong ya setjhaba le hore thupelo eo ho fanwang ka yona tshebeletsong ya setjhaba e fumana mangolo a yona a tswang Bolaoding ba Afrika Borwa ba Mangolo a Boiphihlelo.
C.3 Lefapha kapa institjushene ya thupelo e fanang ka thupelo efe kapa efe e tlileng ka lebaka la taelo ya Letona, e tla ntsha ditifekeiti mabapi le thupelo eo ha e phethilwe ka katleho. Mafapha kaofela a tla ananela ditifekeiti tseo.
D. BOKGONI BO IKGETHANG BA MOSEBETSI LE THUPELO
Bolaodi ba phethahatso bo tla tsepamisa bokgoni bo hlokehang le ho tsepamisa thupelo ya mekgahlelo e fapafapaneng ya tshebetso kapa bakeng sa basebetsi ba qoholehileng lefapeng.
E. THUSO YA THUPELO
E.1 Hlooho ya lefapha e ka nna ya fana ka thuso ya ditjhelete kapa thuso efe kapa efe e nngwe ya thupelo kapa diphuputso haeba e tla tlisa nyehelo e itseng tshebetsong ya mosebetsi lefapheng moo-
a hlooho ya lefapha e ileng ya kopa mosebetsi hore a etse thuto e itseng, thupelo kapa diphuputso;
b mosebetsi a kopileng thuso efe kapa efe e jwalo.
E.2 Hlooho ya lefapha e ka nna ya fana ka thuso efe kapa efe ya tjhelete kapa thuso e nngwe ya ho ithuta ka mokgwa wa nakwana kapa wa ho ya sekolong ka ho phethahala institjusheneng ya selehae kapa ya matjhaba. Hlooho ya lefapha e ka nehelana ka thuto hape ya dithuto le thupelo ka mokgwa wa thupelo e tla nneng e etswe jwalo jwalo ya dithuto tse kgutshwanyane, dipitso, disimphosiamo, disemina, diboka, diwekshopo, dilektjhara le maeto a dithuto.
a ka fana ka basari ya thuto e hodimo ho mosebetsi ya sebetsang lefapheng le eo ho hopotsweng hore a tle a sebetse lefapheng, empa e ka abela basebetsi ba sebetsang lefapheng feela dibasari tsa thuto e akaretsang le thuto e ntshetswang pele ha mmoho le thupelo; mme b keke ya hloka tumellano ya mosebetsi tshebeletsong ho lefella thuso e fumanweng mabapi le thuto e akaretsang kapa thuto e ntshetswang pele ha mmoho le thupelo.
E.4 Hlooho ya lefapha e ka nna ya nehelana ka tjhelete ya ho lefella ditshenyehelo tsa nnete tse amanngwang le dithuto, dipatlisiso kapa thupelo empa ha e a lokela hore e nehelane ka tjhelete e tla anela ditshenyehelo kaofela.
E.5 Mosebetsi ya sebetsang o tla nne a fumane moputso wa hae o tla balellwa e le karolo ya thuso ya tjhelete e tswang lefapheng nakong ya dithuto dife kapa dife, diphuputso kapa thupelo.
E.6 Ho latela Melawana ya Ramatlotlo, hlooho ya lefapha e ka nna ya lesa ho batla tefo e feletseng kapa karolo ya molato ofe kapa ofe wa dithuto.
E.7 Moo hlooho ya lefapha e fanang ka basari ya thuto e phahameng ho mosebetsi kapa motho eo ho hopotsweng hore e tla ba mosebetsi-
a motho ya fuweng basari o lokela ho kena tumellanong le lefapha moo ho latela tumellano ena-
i motho ya fuweng basari ya neng a ithuta a le sekolong ka ho phethahala a itlamang hore o tla lefa basari ena ka ho sebeletsa lefapha ho latela motheo wa selemo se le seng bakeng sa selemo se seng le se seng sa nako ya ho ithuta kapa karolo efe kapa efe ya nako eo; kapa ii motho ya fuweng basari ya neng a ithuta nakwana a dumelang hore o tla lefa basari ka ho sebeletsa lefapha bonyane selemo se le seng ka morao hoba a atlehe ho fumana mangolo a tshwanelehileng a thuto; mme b motho ya ileng a fuwa basari ya ithutang ka ho phethahala sekolong, o tla qala ho sebeletsa lefapha ka morao hoba a kgotsofatse ditlhoko kaofela tsa lengolo la hae le tshwanelehileng.
E.8 Mosebetsi ya hlolehang ho phetha lengolo la boiphihlelo bo tshwanelehileng o tla lefella boitlamo bofe kapa bofe ba hae ho latela tumellano mohlomong ka tsela ya ho sebeletsa lefapha kapa ka ho lefa tjhelete ya basari ha mmoho le tswala ho latela sekepele se tla behwa ke Letona la Ditjhelete ho ya ka karolo ya 80 (b) ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba.
E.9 Moo mosebetsi a ithutang kapa a leng thupelong ya nako e kgutshwanyane, hlooho ya lefapha e ka hloka hore mosebetsi a kene tumellanong le lefapha ya hore o tla sebeletsa lefapha bakeng sa nako eo a ithutileng ka yona e le pehelano ya pele ya hore a tle a kgone ho fumana thuso. Ka sepheo sa molawana wa IX E-
a ?thuto e tswelang pele le thupelo? e bolela thuto e tswelang pele le thupelo jwalo ka ha di hlalositswe karolong ya 1 ya Molao wa Thuto e tswelang pele le Thupelo wa 1998 Molao wa Nomoro ya 98 wa 1998;
b ?thuto ka kakaretso? e bolela mohato wa ho kena sekolo se tlamang jwalo ka ha o hlalositswe karolong ya 3 ya Molao wa Dikolo tsa Afrika Borwa wa 1996 Molao wa Nomoro ya 84 wa 1996; le c ?thuto e phahameng? e bolela thuto e phahameng jwalo ka ha e hlalositswe karolong ya 1 ya Molao wa Thuto e Phahameng wa 1997 Molao wa Nomoro ya 101 wa 1997.
KAROLO YA X. DIKAMANO TSA MOSEBETSI
A. METHEO
Bolaodi ba phethahatso bo na le matla a ho sebetsa lebitsong la Mmuso jwalo ka ramosebetsi mme bo tla laola dipuisano, bo phethele ditumellano tse fihlelwang ha mmoho le ho rarolla diqabang tsa mosebetsi ho latela Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi. Bolaodi ba phethahatso bo keke ba saena tumellano e nang le tshusumetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo ntle le haeba bo na le matla a sa thekeseleng a ho etsa jwalo.
B. PHETHAHATSO YA DITUMELLANO TSE FIHLETSWENG MMOHO
Haeba tumellano e fihletsweng mmoho e saennweng ke moemedi ya fuweng matla ke Mmuso jwalo ka ramosebetsi e ama lefapha, bolaodi ba phethahatso ba lefapha bo tla e phethahatsa le ho e qobella.
C. HO FANA KA TAELO LE TAOLO YA DIPUISANO
C.1 Molaodi wa phethahatso a ka nna a kena tumellanong e molemong wa bohle ha feela -
a a na le boikarabelo ba taolo ya dipuisano tse fihlelwang ha mmoho tsa meputso lebitsong la Mmuso jwalo ka ramosebetsi foramong eo;
b a na le matla a ho sebetsana le taba e amehang; mme c a kgotsofatsa ditlhoko tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo tse fuperweng ke molawana wa X D.
C.2 Dipuisano tsa ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso di tla laolwa ke Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi.
C.3 Lekgotleng la Tshebeletso ya Setjhaba la Bohokedi ba Dipuisano tsa Moputso, le sebetsang ka ditaba tsa tshebeletsong ya setjhaba, Letona le tla laola dipuisano lebitsong la Mmuso jwalo ka ramosebetsi.
C.4 Lekgotleng le dipuisano tsa meputso la karolo, ditaba tsa karolo ya tshebeletso ya setjhaba-
a haeba bolaodi ba phethahatso bo itseng bo laola karolo, bo na le boikarabelo ba ho laola ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso; kapa b haeba bolaodi ba phethahatso bo fetang palo e le nngwe bo laola karolo, Khabinete e tla thonya bolaodi bo le bong ba phethahatso ho laola dipuisano tsa ditumellano tse fihlelwang mmoho tsa meputso.
C.5 Bolaodi ba phethahatso bo tla nehelana ka khopi ho Letona ya ditumellano dife kapa dife tse fihletsweng mmoho lekgotleng la dipuisanong tsa lefapha kapa tsa karolo.
D. DITABA TSE NANG LE TSHUSUMETSO DITEKANYETSONG TSA DITJHELETE TSA SELEMO
Bolaodi ba phethahatso ho latela molawana wa X C, bo tla kena tumellanong lekgotleng le loketseng la dipuisano tsa meputso moo ho tshohlwang taba efe kapa efe e nang le tshusumetso ditjheleteng haeba feela-
a bolaodi ba phethahatso bo na le kakanyo e utlwahalang ya ditshenyehelo tse amehang ditekanyetsong tsa ditjhelete tsa selemo sa hona jwale le selemo sa ditjhelete se hlahlamang seo;
b ditumellano di sa hohlane le Melawana ya Ramatlotlo; le c bolaodi ba phethahatso bo ka kgona ho lefella ditshenyehelo tseo-
i ka ditekanyetso tsa ditjhelete tsa lefapha;
ii ha bo na le boitlamo bo ngotsweng bo tswang ho Ramatlotlo ba ho fana ka tjhelete e nngwe hape; kapa iii ditekanyetsong tsa ditjhelete tse tswang mafapheng a mang kapa mekgatlong e nang le tumellano e ngotsweng le kananelo ya Ramatlotlo.
KAROLO YA XI. HO TLISA DIPHETOHO LE HO NTJHAFATSA
TSHEBELETSO YA SETJHABA
A. DIPEHELO TSE AMEHANG
Ho tlisa diphetoho le ho ntjhafatsa tshebeletso ya setjhaba ho tla etsahala nakong e behilweng molawaneng wa XI B ho latela Karolo ena le tsepamiso ha mmoho le ditaelo tse ntshitsweng ke Letona ho latela karolo ya 3 (c) le (e) ya Molao.
B. NAKO
Ho tlisa phetoho le ntjhafatso hoo ho buuwang ka hona molawaneng wa XI A ho tla phethelwa nakong e sa tleng ka morao ho mohla la 16 Phupjane 2003, empa haeba ditaelo, tseo ho buuwang ka tsona molawaneng oo, di sa ka tsa phethiswa ka botlalo mohla la 16 Phupjane 2003, nako eo e tla lelefatswa ho fihlela mohla la 16 Loetse 2003.
C. KGOHLANO LE DIKAROLO TSE DING
Haeba ho hlaha kgohlano dipakeng tsa dipallo tsa Karolo ena le dipallo tsa Karolo efe kapa efe e nngwe ya Melawana ena, dipallo tsa Karolo ena ke tsona tse tla hlahella.
Karolo ya XI jwalo ka ha e ile ya kenngwa ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 838 ya mohla la 14 Phupjane 2002 e sebetsang ho tloha ka la 17 Phupjane 2002.
KGAOLO YA 2
KHOUTU YA BOITSHWARO YA TSHEBELETSO YA SETJHABA
A. SEPHEO
A.1 Hore ho tle ho fanwe ka tshusumetso e sebetsang ya dipallo tsa motheo tse tshwanetseng tse amanang le tshebeletso ya setjhaba, basebetsi bohle ba lebeletswe hore ba inyalanye le Khoutu ya Boitshwaro eo ho nehelanweng ka yona Kgaolong ena.
A.2 Khoutu e lokela ho sebetsa jwalo ka tataiso ho basebetsi ho tseba se lebeletsweng ho bona ho latela lehlakore la maikutlo a boitshwaro ba batho, bothong ba bona boinotshing ba bona ha mmoho le dikamanong tsa bona le batho ba bang. Boinyalanyo le khoutu ke ntho e ka lebellwang ho matlafatsa tshebetso ya profeshenale le ho thusa ho netefatsa boitshepo tshebeletsong ya setjhaba.
B. SELELEKELA
B.1 Ho na le tlhokeho ya hore ho nehelanwe ka tsela ho basebetsi mabapi le dikamano tsa bona le ditho tsa palamente, boradipolotiki le batho ba nang le maemo a ofisi e kgolo ya phethahatso, basebetsi ba bang le setjhaba le ho supa moya oo basebetsi ba lokelang ho sebetsa ka ona mesebetsing ya bona, hore ho etswe jwang ho qoba dikgohlano tsa ditabatabelo le hore ho lebeletswe eng ho bona mabapi le boitshwaro ba bona bothong ba bona le bophelong ba bona ba poraefete.
B.2 Leha Khoutu ya Boitshwaro e radilwe hore ebe ya kakaretso ka hohle ka moo ho ka kgonehang, ha se pokeletso ya melao le melawana e nyemisang motho mooko e laolang maemo a boitshwaro. Leha ho le jwalo, hlooho tsa mafapha, ho latela boemo ba boikarabelo ba bona ka ho ya ka karolo ya 7 (b) ya Molao wa taolo e babatsehang le tsamaiso ya mafapha a bona ekasitana le tlhokomelo ya taolo, hara tse ding ba na le mosebetsi wa ho netefatsa hore boitshwaro ba basebetsi bo nyallana le makgabane a mantlha le metheo e laolang tsamaiso ya setjhaba le ditabatabelo le maemo a laeletswang ke Molao. Hlooho ya lefapha e lokela le hore e netefatse hore moifo wa basebetsi ba yona o tseba mehato ena, le hore moifo o a e amohela le ho e sekehela tsebe.
B.3 Sepheo sa sethatho sa Khoutu ke se setle, e leng ho kgothaletsa boitshwaro boo ba bang ba ka inkelang mohlala ho bona. Ho sa hanyetswe sena, mosebetsi o tla fumanwa a le molato wa boitshwaro bo fosahetseng, mme ho ka nna ha sebetsanwa le yena ho latela tumellano e loketseng ya tse fihletsweng ha mmoho haeba ho etsahala hore a tlole pallo efe kapa efe ya Khoutu ya Boitshwaro kapa a hlolehe ho inyalanya le e nngwe ya dipallo tseo.
C. KHOUTU YA BOITSHWARO
C.1 DIKAMANO LE PALAMENTE HA MMOHO LE BAOKAMEDI BA PHETHAHATSO
C.1.1 ba lokela hore ba tshepahale ho Rephaboliki le ho hlompha Molao wa Motheo mme ka ho etsa jwalo le ho sekehela tsebe taba ya phethiso ya mesebetsi ya batho ya letsatsi le leng le le leng;
C.1.2 ba lokela ho beha ditabatabelo tsa setjhaba ka pele phethisong ya mesebetsi ya bona;
C.1.3 ba lokela ho phethisa maano a Mmuso o keneng pusong ka botshepehi tshebetsong ya bona ya mesebetsi ya mmuso jwalo ka ha e fuperwe ke molao le dipallo tse ding tsa molao;
C.1.4 ba lokela ho tsitlallela ho tseba le ho sekehela tsebe melao kaofela le tse ding tse amanang le boitshwaro ha mmoho le mesebetsi; le
C.1.5 ba lokela ho sebedisana le diinstitjushene tsa setjhaba tse thehilweng tlasa molao le Molao wa Motheo ho kgothaletsa thahasello ya setjhaba.
Mosebetsi -
C.2.1 o kgothaletsa ho ipopa ngatana-nngwe le tsa bophelo bo botle ba setjhaba sa Afrika Borwa phethisong ya tshebetso ya hae ya mesebetsi ya mmuso;
C.2.2 o tla kgona ho sebeletsa setjhaba ka mokgwa o hlokang leeme le o sa nkeng lehlakore ka morero wa ho theha tshepo tshebeletsong ya setjhaba;
C.2.3 o ipotlile, o fana ka thuso mme o kgona ho fihlelleha ha bonolo ka tsela e utlwahalang tshebetsong ya hae le setjhaba ka dinako tsohle a tshware batho hantle jwalo ka dikhastamara tse nang le tokelo ya ho amohela tshebeletso e ya maemo a hodimo;
C.2.4 o sekehela tsebe maemo le dingongoreho tsa setjhaba phethisong ya tshebetso ya hae ya mesebetsi ya mmuso leha a etsa diqeto tse ba amanang;
C.2.5 o bontsha boitelo mosebetsing wa hae ka tshebeletso e etswang ka nako ho ntshetsa pele le ho phahamisa Ma-Afrika Borwa kaofela;
C.2.6 ha a kgetholle batho ba bang kantle ho toka ka lebaka la botjhaba, taba ya hore motho ke mosadi kapa ke monna, bomorabe kapa setso sa phedisano, lebala, ditshekamelo tsa hao kgethong ya ho tswakana le batho ba basadi kapa banna, dilemo tsa kgolo, kgolofalo, bodumedi, dipolotiki tseo o dumelang ho tsona, tumelo, botjhaba kapa puo;
C.2.7 ha a sebedisa ka mokgwa o fosahetseng boemong ba hae tshebeletsong ya setjhaba ho kgothaletsa kapa ho beha ka lehlakoreng le lebe tabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha se itseng seo eseng sa dipolotiki;
C.2.8 o hlompha le ho tshireletsa seriti sa motho e mong le e mong kapa ditokelo tsa hae jwalo ka ha di fuperwe Molaong wa motheo; mme
C.2.9 o lemoha tokelo ya setjhaba ya ho finyella lesedi, ho sa kenyeletswe lesedi le tshireleditsweng ka ho ikgetha ke molao.
C.3 DIKAMANO HARA BASEBETSI
Mosebetsi-
C.3.1 o sebedisana ka ho phethahala le basebetsi ba bang ho ntshetsa pele tabatabelo tsa setjhaba;
C.3.2 o phethahatsa ditaelo kaofela tse utlwahalang tse tswang ho batho ba nang le matla a molao a ho fana ka tsona, ha feela di sa hohlane le dipallo tsa Molao wa Motheo le/kapa le molao ofe kapa ofe;
C.3.3 o tla nena ho ba ka lehlakoreng la batho ba habo le metswalle e dinthong tse amanang le mosebetsi mme a keke a sebedisa matla ao a nang le ona kapa tshusumetso mosebetsing e mong, kapa hore a susumetswe ho sebedisa matla a hae a mosebetsi;
C.3.4 o sebedisa metjha e tshwanetseng ho hlahisa dingongoreho tsa hae kapa ho fetisa boemedi ba ditaba tsa hae;
C.3.5 o iteletse ntshetsopele e hodimo, bokgothadi le tshebediso ya moifo wa basebetsi ba hae le ntshetsopele ya dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya batho ba fapaneng;
C.3.6 o sebetsana le batho ka mokgwa o hlokang leeme, ka mokgwa wa profeshenale le ka ho lekana le basebetsi ba bang, ho sa kgathalatsehe hore motho ke wa botjhaba bofe, ke motho wa mosadi kapa wa monna, bomorabe ba hae kapa setso sa hae phedisanong, tshekamelo ya hae bathong ba basadi kapa ba banna, dilemo tsa kgolo, kgolofalo kapa puo;
C.4 HO ETSWA HA MESEBETSI
Mosebetsi -
C.4.1 o tsitlallela ho finyella maikemisetso a institjushene ya hae ka tsela e bolokang tjhelete le e sebetsang hantle le molemong wa ditabatabalo tsa setjhaba;
C.4.2 o na le menahano ya boiqapelo mme tshebetsong ya hae ha a etsa mesebetsi ya hae ke motho ya tsomanang le mekgwa e metjha ya ho rarolla mathata le ho matlalafatsa mosebetsi o babatsehang le o kgabane o tsamaelanang le molao;
C.4.3 o boloka nako phethisong ya mosebetsi wa hae;
C.4.4 o phethisa mesebetsi ya hae ka tsela ya profeshenale le mokgwa o nang le bokgoni;
C.4.5 ha a kene mesebetsing efe kapa efe e hohlanang le kapa e sitisanang le phethiso ya mesebetsi ya hao ya mmuso;
C.4.6 o tla itshola ketsong efe kapa efe ya mmuso kapa ho tsela ya tshebetso ya ho nka qeto e ka tswalang hore a une molemo ka tsela e sa lokelang boyeneng ba hae, mme mosebetsi o lokela hore a phatlalatse sena ka mokgwa o nepahetseng;
C.4.7 o amohela boikarabelo ba hore a fumanehe bakeng sa thupelo ya motjha o tjhele le bointshetsopele nakong ya tshebetso yohle ya hae;
C.4.8 o a tshepahala ebile o na le boikarabelo ha a sebetsana le ditjhelete tsa setjhaba mme o sebedisa theepa ya tshebeletso ya setjhaba le mehlodi e meng ka mokgwa o babatsehang le o kgabane, mme o sebedisa tsena tsohle mabakeng a ananetsweng a mmuso;
C.4.9 o kgothaletsa tsamaiso e nepahetseng, e kgabane, e babatsehang, e bonaletsang le e nang le boikarabelo:
C.4.10 mosebetsing wa hae kapa mesebetsing ya hae ya mmuso, o tlaleha balaoding bo tshwanetseng, tsa bomenemene, bobodu, ketso tsa mmetlakgolo o e lebisa ho wa habo, tsamaiso e fosahetseng le ketso efe kapa efe eo e ka bang tlolo ya molao, kapa e behang ditabatabelo tsa setjhaba ka mosing;
C.4.11 o fana ka keletso ya nnete le e hlokang thunthetso ya ho nka lehlakore, e thehilweng leseding lohle le fumanehang le le tshwanetseng, ho balaodi ba baholo ha a kopuwa hore a fane ka thuso ya mofuta ona; mme
C.4.12 o hlompha ditaba tseo eleng lekunutu, ditokomane le dipuisano, tse lokelang hore di bolokwe e le lekunutu kapa tse reretsweng hore ebe tsa lekunutu kapa sephiri.
C.5 BOITSHWARO MOSEBETSI BOTHONG BA HAO LE DITABATABELO
TSA PORAEFETE
Mosebetsi -
C.5.1 nakong ya mesebetsi ya mmuso, o apara le ho itshwara ka mokgwa o matlafatsang setumo sa tshebeletso ya setjhaba;
C.5.2 o etsa dintho tse nang le boikarabelo mabapi le tshebediso ya dino tse tahang kapa sesebediswa sefe kapa sefe se nang le tshusumetso ya tahi;
C.5.3 ha a sebedise boemo ba hae ba mmuso ho iphumanela dimpho le menyetla eo eleng ya hae nakong ya tshebetso ya hae ya mmuso kapa ha se motho ya amohelang dimpho tsa mofuta ofe kapa ofe kapa melemo nakong ya phethahatso ya mesebetsi ya hae ya mmuso hobane tsena di ka nkuwa e le tjhootjo.
C.5.4 ha sebedise kapa ho fana ka lesedi lefe kapa lefe la mmuso molemong wa ho ithuisa boyeneng ba hae kapa ho una molemo bakeng sa ba bang; mme
C.5.5 ha se motho ya amohelang ho etsa mosebetsi wa kantle ho dihora tsa hae tsa mosebetsi wa molao o tla mo lefa tjhelete ntle le tumello kapa ya sebedisang theepa ya ofisi.
KGAOLO YA 3
HO TSEBAHATSWA HA DITJHELETE KE BALAODI BA BAHOLO BA TAOLO YA TSHEBELETSO LE BASEBETSI BA BANG
A. DITLHALOSO
Kgaolong ena, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong-
mosebetsi ya thontshweng? ho bolelwa-
a Setho se seng le se seng sa SMS; kapa b Motho ofe kapa ofe e mong ho latela karolo ya 363 ya Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1999 Molao wa Nomoro ya 1 wa 1999, o amohetsweng kapa o tlileng ka taelo ya ramatlotlo ya loketseng hore e be mohlanka ya ikarabellang lefapheng la naha, karolong e itseng ya mokgatlo, tsamaisong ya provense kapa lefapheng la provense;
Rejistara? e bolela Rejistara ya Tabatabelo tsa Basebetsi ba Thontshweng tse bolokilweng ho latela molawana wa B.(a) wa Kgaolo ena;
tabatabelo e ngodisehang rejistareng? ho bolelwa tabatabelo tsa ditjhelete tjhelete tse lokodisitsweng molawaneng wa D wa Kgaolo ena;
tefo? e bolela kamohelo ya melemo ka tsela ya tjhelete kapa ya ho etsetswa molemo o mong o itseng;
foromo eo ho nehelanweng ka yona? ho bolelwa foromo eo mosebetsi ya thontshweng a nehelaneng ka yona bolaoding ba phethahatso bo loketseng ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena, kapa khopi efe kapa efe ya teng.
B. REJISTARA LE MESEBETSI YA MOLAODI KAKARETSO: OFISI YA KHOMISHENE YA TSHEBELETSO YA SETJHABA
Molaodi Kakaretso: Ofising ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba o tla-
a Boloka rejistara ka lebaka la Kgaolo ena, e bitswang Rejistara ya Tabatabelo tsa Basebetsi ba Thontshweng, ka sebopeho se ananetsweng ke Khomishene; le b Etsa mesebetsi e meng e tshwanang le e amanang le ho kenya tshebetsong Kgaolo ena ho latela ka moo Khomishene e ka hlokang hore ho etswe ka teng.
B. HO TSEBAHATSWA HA TABATABELO TSA DITJHELETE TSA
BASEBETSI
C.1 Mosebetsi e mong le e mong ya thontshweng pele ho mohla la 30 Mmesa selemong se seng le se seng, o tla tsebahatsa bolaoding ba phethahatso bo loketseng dintlha tsa ditabatabelo tsa ditjhelete tsa hae tse lokelang ho ngodiswa foromong e behetsweng morero ona ke Khomishene bakeng sa nako e tlohang mohla la 1 Mmesa selemong se ka pele ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele selemong sena.
C.2 Motho ofe kapa ofe e ileng ya eba mosebetsi ya thontsweng ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001, o tla tsebahatsa dintlha tsa hae tse jwalo tse mabapi le nako ya mohla la 1 Mmesa 2000 ho isa ho 31 Tlhakubele 2001, pele ho mohla la 31 Motsheanong 2001.
C.3 Motho e mong le e mong ya amohelang mosebetsi jwalo ka mosebetsi ya thontshweng ka morao ho mohla la 1 Mmesa selemong o tla lokela ho hlahisa tsebahatso e jwalo nakong ya matsatsi a 30 ka morao hoba a amohele mosebetsi mabapi le nako ya dikgwedi tse 12 tse tlang pele a amohela mosebetsi.
C.4 Bolaodi bo bong le bo bong ba phethahatso bo tla nehelana ka khopi ho Khomishene ya foromo e nehetsweng bolaodi ba phethahatso ho latela-
a molawana wa C.1 wa Kgaolo ena pele ho mohla la 31 Motsheanong wa selemo seo;
b molawana wa C.2 wa Kgaolo ena pele ho mohla la 30 Phupjane 2001; kapa c molawana wa C.3 wa Kgaolo ena pele ho matsatsi a 30 ka morao hoba ho nehelanwe ka yona.
D. MEFUTA YA DITABATABELO TSE LOKELANG HORE DI TSEJWE
Mefuta e latelang ke mefuta ya ditabatabelo tsa ditjhelete tse ka ngodiswang:
a Diabo/dishere le ditabatabelo tse ding tsa ditjhelete tse dikhampaning tsa poraefete kapa dikhampaning tsa setjhaba eksitana le dikarolong tse ding tsa dikgwebo tse ananelwang ka molao;
b Bolaodi le dilekane;
c Mosebetsi o lefellwang wa kantle ho tshebeletso ya setjhaba;
d Boeletsi le tefello tsa tshebeletso tse itseng;
e tshehetso;
f dimpho le diteboho tse tswang mohloding oo eseng motho wa lelapa la heno; le g thuo le ditabatabelo tse ding tsa mobu le theepa, ho sa tsotelehe hore leruo lena le ka hare ho Riphaboliki kapa kantle ho yona.
E. DINTLHA TSA DITABATABELO TSE KA NGODISWANG LE TSE LOKELANG HO TSEJWA
Dintlha tse latelang tsa ditabatabelo di tla lokela hore di tsebiswe:
a Diabo le ditjhelete tse ding tse tswang dikhampaning tsa poraefete kapa tsa setjhaba le dikarolong tsa dikhampani tse ding tse ananelwang ka molao:
i Palo, sebopeho le boleng ba diabo tsa mofuta ofe kapa ofe tse dikhampaning dife kapa dife tsa setjhaba kapa tsa poraefete ha mmoho le lebitso la teng; le ii sebopeho le boleng bofe kapa bofe ba ditabatabelo tsa ditjhelete tse tswang khampaning ya poraefete kapa ya setjhaba kapa karolong efe kapa efe ya kgwebo ha mmoho le lebitso la teng.
b Bolaodi le dilekane:
i Lebitso, le mofuta wa kgwebo e etswang, ya mofuta wa kgwebo ya koporasi kapa selekane; le ii Haeba ho loketse, tjhelete ya tefo efe kapa efe e amohetswng bakeng sa boeletsi bo jwalo kapa selekane.
c Mosebetsi o lefellwang kantle ho tshebeletso ya setjhaba:
i Mofuta wa mosebetsi;
ii lebitso, le mofuta wa kgwebo e etsuwang, lebitso la ramosebetsi;
d Boeletsi le tefello ya tshebeletso e itseng:
i Sebopeho sa boeletsi kapa tshebeletso e lefellwang ya mofuta ofe kapa ofe;
ii lebitso, le mofuta wa kgwebo e etswang le lebitso la ramosebetsi ya etsetswang mosebetsi; le iii boleng ba melemo efe kapa efe e amohetsweng bakeng sa boeletsi bo jwalo kapa tefello ya tshebeletso e itseng.
e Ditshehetso:
i Mohlodi le tlhaloso ya tshehetso e otlolohileng ya ditjhelete kapa thuso; le ii boleng ba tshehetso kapa thuso.
f Dimpho le diteboho tse tswang mohloding oo eseng motho wa lelapa la heno:
i Tlhaloso le boleng ha mmoho le mohlodi wa mpho e fetang boleng ba R350;
ii tlhaloso le boleng ba mpho e tswang mohloding o le mong eo boleng ba yona kaofela ha mmoho bo fetang boleng ba R350 nakong ya dikgwedi tse 12 tseo ho buuwang ka tsona molawaneng wa C wa kgaolo ena; le iii teboho e rerilweng hore e be molemo oo eleng mpho.
g Thuo le ditabatabelo tse ding tsa mobu le theepa, ho sa tsotelehe hore ke ka hare kapa kantle ho Riphaboliki:
i Tlhaloso le boholo ba mobu kapa theepa;
F. LEKUNUTU LA DIFOROMO TSEO HO NEHELANWENG KA TSONA LE REJISTARA
F.1 Ho latela molawana wa F.3 wa Kgaolo ena ke feela batho ba latelang ba nang le hona hore ba ka finyella foromo eo ho nehelanweng ka yona kapa rejistara:
a Bolaodi ba phethahatso boo foromo e bo nehetsweng le moifo wa basebetsi o thontsweng ke bolaodi ba phethahatso ka lebaka la poloko ya rekoto ya foromo ya mantlha le nehelano ya khopi ya foromo Khomisheneng;
c Molaodi Kakaretso: Ofisi ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba; le d Batho ba bang ba tshwanang le ba thontsweng ke bolaodi ba phethahatso kapa modulasetulo wa Khomishene ka morero wa ho kenya tshebetsong ka bokgabane Kgaolo ena.
F.2 Ha ho motho ya nang le monyetla wa ho fihlella foromo eo ho nehelanweng ka yona kapa rejistara, ya nang le matla a ho tsebahatsa lesedi lefe kapa lefe le fuperweng ke foromo kapa rejistara ho motho ofe kapa ofe, ntle leha lekgotla le fane ka taelo e jwalo kantle ho-
a mosebetsi ya thontshweng ka lebaka la foromo ya hae eo ho nehelanweng ka yona kapa ka lebaka la ngodiso ya mosebetsi eo rejistareng; kapa b motho e mong ya dumeletsweng hore a kgone ho finyella lesedi lena ho latela molawana wa F.1 wa Kgaolo ena kapa ya fuweng tumello ya ho finyella lesedi lena ho latela molawana wa F.3 wa Kgaolo ena.
F.3 Motho ofe kapa ofe, ntle le motho eo ho buuwang ka yena molawaneng wa F.1 wa Kgaolo ena, a ka fuwa tumello ya ho finyella lesedi le foromong eo ho nehelanweng ka yona kapa rejistara feela ho latela karolo ya 11 ya Molao wa Ntshetsopele ya Tumello ya ho finyella Lesedi wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000).
F.4 Mosebetsi ofe kapa ofe ya tlolang molawana wa F.2 wa Kgaolo ena o molato wa boitshwaro bo fosahetseng.
G. KGOHLANO YA DITABATABELO
G.1 Haeba Khomishene e na le maikutlo a hore ditabatabelo tse ngodiswang tsa mosebetsi ya thontshweng tse tsebisitsweng ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena di hohlana le kapa di na le monyetla wa ho hohlana le phethahatso ya mosebetsi ofe kapa ofe wa mmuso wa mosebetsi eo, e tla tiisa lesedi mabapi le tabatabelo mme e rerisane le mosebetsi eo ya amehang.
G.2 Haeba, ka morao ho tiiso e jwalo le ditherisano, Khomeshenara e na le maikutlo a hore ho na le kgohlano kapa ya hore kgohlano e jwalo e ka nna ya eba teng, e tla fetisetsa taba e jwalo bolaoding ba phethahatso bo loketseng.
G.3 Bolaodi ba phethahatso ka morao hoba taba ena e jwalo e fetisetswe ho bona, bo tla rerisana le mosebetsi ya amehang le ho nka mehato e loketseng, ho kenyeletswa leha ho sa sehelwa moedi -
a ho nka mehato ya kgalemo; kapa b ho nehelana ka monyetla ho mosebetsi ho ikgula kgohlanong ya ditabatabelo e ka etsahalang ka nako e tlang.
G.4 Bolaodi ba phethahatso nakong ya matsatsi 30 a ho fetisetsa taba eo e jwalo moo ho tshwanetseng teng, bo tla etsa pehelo ho Khomishene ka-
a ho bolela hore naa ho na le mehato e ileng ya nkuwa; le b hore haeba mehato e ile ya nkuwa, e fane ka tlhaloso ya mehato eo e ileng ya nkuwa, e be e fane ka mabaka a teng.
H. HO HLOLEHA HO TSEBISA KA DITABATABELO
Mosebetsi e mong le e mong ya thontshweng -
a ya hlolehang ho tsebisa ditabatabelo ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena; kapa b eo nakong eo a tsebisang ka ditabatabelo tsa hae ho latela molawana wa C wa Kgaolo ena, ka boomo a be a nehelana ka dintlha tse fosahetseng, o molato ka boitshwaro bo bobe.
Kgaolo ya 3 jwalo ka ha e nketswe sebaka ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001.
KGAOLO YA 4
TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
KAROLO YA I. HO THEHWA HA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
A. METHEO
Bolaodi ba phethahatso ka morero wa ho netefatsa hore ho na le taolo e kgabane lefapheng le leng le leng le welang tlasa taolo ya yona, kapa ho phethatsa mesebetsi e ikgethang, bo tla theha dikgeo tsa mosebetsi tsa palo e itseng tsa boemong ba taolo e hodimo. Batho ba keneng dikgeong tseo tsa mosebetsi ba tla laolwa jwalo ka batho ba welang tshebeletsong ya setjhaba ya batho ba mehlodi e haellang ba lokelang hore ba sebedisetswe ditabatabelo tse hlwahlwa tsa tshebeletso ya setjhaba. Dipehelano tsa mosebetsi tsa batho ba keneng dikgeong tsa mosebetsi ona di tla nyallana le maemo a bona jwalo ka batsamaisi ba boemo bo hodimo kapa basebetsi ba ikgethang, ha ka lehlakoreng le leng ditlwaelo tsa mosebetsi tsona e tla ba tse hlokang leeme tse nkellang hloohong tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng. Dikgeong tsena tsa mosebetsi ho tla kenngwa mosebetsing feela moikopedi wa mosebetsi ya hlwahlwa e le ka nnete mme ho tla nkuwa mehato ho boloka le ho ntshetsa pele batho ba jwalo ba kentsweng mosebetsing jwalo ka mohlodi wa kgwebo ya mosebetsi ona.
B. TSELA EO HO TLA BOTJWA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA
SEHLOOHONG LE HO HLWAUWA HA DIKGEO TSA MOSEBETSI
B.1 Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla botjwa ka basebetsi-
a bao pele ho mohla la 1 Pherekgolong 2001 ba neng ba lefuwa ba le boemong ba kgato ya 13 le ho feta;
b ba kgethilweng ho kena Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho tloha mohla la 1Pherekgong 2001 kapa ka morao ho moo ele ha ba le maemong ao ho buuweng ka ona molawaneng wa II B wa Kgaolo ena .
B.2 Palo ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ha mmoho le mesebetsi ya bona e tla behwa ke bolaodi ba phethahatso ho latela ditsela tsa moralo le tlhophiso ya mosebetsi jwalo ka ha ho bontshitswe Karolong ya III le ya IV tsa Kgaolo ya 1.
B.3 Ho hlwauwa ha dikgeo tsa mosebetsi tsa Tshebetso ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla tsepamiswa ho latela mokgwa wa hlahlobo ya mosebetsi o behilweng ke Letona.
C. DITLWAELO TSE O KGONANG HO FETOHA LE MABAKA TSA MOSEBETSI KA HARE HO MORALO WA TSHEBETSO WA MAEMO LE MAKGABANE A TSHWANANG
C.1 Bolaodi ba phethahatso bo tla kgetha ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho sebedisa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka moralo wa tshebetso wa maemo le makgabane a tshwanang.
C.2 Molao, Melawana ena le ditaelo ha mmoho le tsohle tse behilweng ke Letona tlasa Molao le Melawana ena di bopa moralo wa tshebetso wa maemo le makgabane a tshwanang bakeng sa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
C.3 Melawana ena e sebetsa dithong tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, ntle le moo e bang ho bontshitswe ka tsela e nngwe. Haeba ho hlaha kgohlano ya mofuta ofe kapa ofe e nngwe dipakeng tsa dipallo tsa Kgaolo ena le dipallo tsa Kgaolo e nngwe tsa Melawana ena, dipallo tsa Kgaolo ena e tla ba tsona tse hlahellang ka mahetla.
D. BUKA YA TAOLO YA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
Letona le na le hona ho ka kenyeletsa tsepamiso tse ding kapa kaofela ha tsona, ditaelo, tataiso le dipallo tse amang Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bukeng ya taolo ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
KAROLO YA II. HO THAOTHUWA, HO HLWAUWA LE HO KENNGWA
MOSEBETSING
A. METHEO
Ho thaothuwa, ho hlwauwa le ho kenngwa mosebetsing ha batho Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho tla tsamaiswa ho latela karolo ya 11 ya Molao ona. Dikgeo tsa mosebetsi ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng di tla tlatswa ho latela tlhodisano e bulehileng. Ho hlwauwa ho tla thehwa haholo bokgoning e le ho matlafatsa boleng ba diqeto tsa ho kenya basebetsi mosebetsing.
B. BOKGONI BA MOSEBETSI
B.1 Batho ba sa tswa kgethwa botjha hoba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla ba batho ba nang le mosebetsi wa moshwella kapa mosebetsi o boemong ba motheo o tsitsitseng.
B.2 Moo batho ba kentsweng Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong ba leng boemong ba nakwana, sena se tla etsahala bakeng sa nako e tsepamisitsweng kapa bakeng sa morero wa projekte e qoholehileng.
C. HO PHATLALATSWA HA DIKGEO TSA MOSEBETSI LE TEKANO YA MOSEBETSI
Letona le ka hlahisa ditaelo tsa tsela eo ka yona dikgeo tsa mosebetsi wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e lokelang ho phatlalatswa ka teng le diforomo tsa kopo ya mosebetsi tse lokelang ho sebediswa; le boemo bo lokelang ho fihlellwa ho ka bapatsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bo emetseng batho ba Afrika Borwa ka bobatsi bo boholwanyane, ho kenyeleditswe le botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna ekasitana le boqhwala.
D. TSELA YA HO HLWAYA E THEHILWENG BOKGONING
Letona le ka nna la hlahisa ditaelo tsa bokgoni bo batlehang ba tsamaiso le boetapele ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ditsela tsa ho hlwaya ha ho tlatswa dikgeo tsa mesebetsi tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong..
E. NTSHETSOPELE YA DINEO HO BOLOKA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
Letona le ka nna la kenya mananeo a ho fumana le ho ntshetsa pele dineo tseo batho ba nang le tsona ka morero wa hore ho tle ho fumanwe monyetla wa ho ba kenya mesebetsing ya Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
F. DIKONTERAKA TSA MOSEBETSI
F.1 Motho ya sa tswa kenngwa botjha mosebetsing wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, ntle le hlooho ya lefapha, o tla ba le konteraka ya mosebetsi e thehilweng hodima dipehelano tsa tumellano tse lokodisitsweng Karolong ya 2 kapa ya 3 ya Sehlomathiso sa 2, ho latela ka moo ditaba di ka bang ka teng.
F.2 Konteraka ya Mosebetsi ya hlooho ya lefapha e tla tsamaelana le ditlhoko tse hlohlomisitsweng molawaneng wa VII B.2 wa Kgaolo ya 1.
KAROLO YA III. TAOLO LE NTSHETSOPELE YA TSHEBETSO
A. METHEO
Tshebetso ya motho ya kentsweng sekgeong sa mosebetsi wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla laolwa ho latela tumellano ya tshebetso. Tumellano e jwalo e tla hokelwa sepheong sa lewa la lefapha mme e tla tsamaelana le dikepele tseo ho fanweng ka tsona Karolong ena.
B. TAOLO LE NTSHETSOPELE YA TSHEBETSO
B.1 Motho ya kentsweng botjha mosebetsing wa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka
Sehloohong o tla fihlela tumellano ya tshebetso le bona.
B.2 Tumellano e jwalo e tla -
a Thusa setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho hlalosa boikarabelo ba hae le mesebetsi e ka sehloohong;
b Kgothaletsa kgokahano e ntle dipakeng tsa setho le motho eo a ikarabellang ho yena;
c etsa le hore motho eo setho sena se ikarabellang ho yena a kgone ho mo hlahloba le ho mo fa tshehetso e loketseng.
B.3 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tsa taolo le ntshetsopele ya tshebetso ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
B.4 Letona le ka nna la fana ka ditaelo tse ka thoko tsa taolo le ntshetsopele ya dihlooho tsa mafapha.
KAROLO YA IV. DIPEHELANO TSA MOSEBETSI
A. METHEO
A.1 Tefo ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla etswa hore -
a e tshehetse ntlha ya ho finyeletsa tshebeletso e kgabane le e sebetsang hantle bathong;
b e nehelane ka dikgothaletso tse hoketsweng mokgweng wa taolo le ntshetsopele ya tshebetso e nepahetseng.
c netefatse hore ho na le moputso o lekanang bakeng sa mosebetsi wa boleng bo lekanang o nyallanang le hlahlobo le boemo ba mosebetsi.
A.2 Bolaodi ba phethahatso tsepamisong ya moputso kaofela wa setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong kapa boemo ba sekgeo sa setho sa mosebetsi bo tla nkella hloohong-
a ditjhelete tse teng;
b sephetho sa mokgwa wa hlahlobo ya mosebetsi;
d tlhokeho ya ho thaotha e le ho boloka mosebetsi ya nang le bokgoni bo hlokehang; le e ditaelo le dintlha tse behilweng ke Letona tse amang Tshebeletso ya
Bolaodi bo ka Sehloohong.
B. HO TSEPAMISWA HA DIPEHELANO TSA MOSEBETSI
B.1 Letona selemong se seng le se seng le tla tsepamisa dipehelano tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong. Tseo tse tsepamisitsweng di tla qala ho sebetsa ho tloha mohla la 1 Pherekgong selemong se seng le se seng.
B.2 Ditaelo le tsohle tse tsepamisitsweng ke Letona tse mabapi le dipehelano tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong, di tla nkella hloohong keletso ya moifo o thehilweng ho latela molawana wa IV C.1.1 wa Kgaolo ena.
B.3 Letona le tla tsebisa seo le rerileng ho se tsepamisa ho latela molawana wa IV B.1 wa Kgaolo ena, ho fumana maikutlo a tswang tshebeletsong ya setjhaba pele di kenngwa tshebetsong.
C. MOIFO WA TEKOLO YA DIPEHELO TSA MOSEBETSI TSA DITHO TSA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
C.1 MOTHEO WA MOIFO
C.1.1 Letona hang dilemong tse ding le tse ding tse tharo le tla kgetha moifo o tla hlahloba dipehelo tsa mosebetsi tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho eletsa Letona ka mokgwa o loketseng.
C.1.2 Letona le tla tsebisa mabitso a ditho tsa moifo, seo ba balletsweng hore ba se sebetse le nako ya hoba moifong ona Koranteng ya Mmuso.
C.2.1 Moifo o tla botjwa ka palo ya ditho e tla behwa ke Letona.
C.2.2 Batho ba tla kgethwa hore ba kene moifong ona ho latela tsebo ya bona kapa ditabatabelo tseo ba nang le tsona ditabeng tse amanang le mesebetsi ya moifo.
C.2.3 Setho sa moifo se tla sebetsa moifong ona ka boemo ba ho sebetsa nakwana.
C.2.4 Letona le tla thonya setho se seng jwalo ka modulasetulo mme setho se seng sona se tla thonngwa jwalo ka motlatsi wa modulasetulo wa moifo ona.
C.2.5 Ha modulasetulo a le siyo kapa ka mabaka a itseng a sa kgone ho etsa mosebetsi wa bodulasetulo, motlatsi wa modulasetulo o tla tshwara mosebetsi wa bodulasetulo ba moifo nakwana.
C.3 TEFO YA DITHO
C.3.1 Ditho tsa moifo tse kgethilweng ho latela tsebo ya tsona ya ditaba tse amanang le mesebetsi ya moifo di tlameha hore di lefuwe ka lebaka la tsebo eo ya bona le ho ya ka dikepele tse amohetsweng ke Ramatlotlo wa Naha.
C.4 KOPANO TSA MOIFO
C.4.1 Moifo o tla kopana sebakeng le ka nakong tse tla behwa ke modulasetulo wa moifo.
C.4.2 Qeto ya ditho tse ngata tsa moifo tse teng di tla kgona ho etsa qeto ya moifo, mme moo ho ka etsahalang hore divoutu di fumanehe di lekana tabeng efe kapa efe, motho ya tsamaisang kopano e amehang o tla ba le voutu e dihang nyewe hodima voutu eo a ntseng a e na le yona ya ditherisano.
C.5 TSAMAISO YA MOIFO
C.5.1 Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso o tla thonya basebetsi bao ho tla hlokeha hore a ba thonye ho etsa mesebetsi e ka hlokehang ya moifo.
C.5.2 Ditshenyehelo tse ka amehang ha ho phethwa kapa ho etswa mesebetsi eo e ka hlahang ya moifo di tla hulwa ditjheleteng tse abetsweng morero o jwalo ke palamente.
KAROLO YA V. MOTSAMAO LE TSWELOPELE YA TSHEBETSO
A. METHEO
Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla tsamaiswa hohle tshebeletsong ya setjhaba ho netefatsa hore ditlhoko tsa tshebetso di a kgotsofatswa le hore bokgoni ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong bo sebediswa ka ho phethahala. Bolaodi ba phethahatso bo tla dula bo jarile boikarabelo ba tshebediso le ntshetsopele ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong tlasa taolo ya bona le ho laola tshebetso ya bona, empa Letona le tla thusa bolaodi ba phethahatso boikarabelong boo.
B. HO ABELWA TSHEBETSO HA DITHO TSA TSHEBELETSO
YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
B.1 Letona ka boithaopo ba lona kapa ka kopo ya bolaodi ba phethahatso, le ka etsa monyetla -
a wa hore setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong se tloswe sekgeong kapa boemong bo itseng ba mosebetsi mme se fuwe mosebetsi o mong kapa se tloswe lefapheng le leng ho iswa lefapheng le leng ho latela karolo ya 14 ya Molao; kapa b wa hore ho tloswa ha setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong kapa hore setho se fuwe mosebetsi o mong ho latela karolo ya 15 ya Molao.
B.2 Sekgeo se teng Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong se lokelang ho tlatswa ka ho tliswa ha setho se seng ho latela karolo ya 14 ya Molao, ha ho hlokehe hore se phatlalatswe ho latela molawana wa VII C.2.3 wa Kgaolo 1.
B.3 Maemo a ikgethang bothong ba setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong a tla nkellwa hloohong pele setho se abelwa mosebetsi o mong kapa se iswa ho tlatsa sekgeo se seng sa mosebetsi ho latela molawana wa V B.1 wa Kgaolo ena.
KAROLO YA VI. THUPELO LE NTSHETSOPELE
A. METHEO
Letona le tla hlokomela ntshetsopele ya mananeo le ho thusa bolaodi ba phethahatso ho lokisetsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong boikarabelo ba bona. Mananeo a lokelang hore a ntshetswe pele a tla thehwa hodima bokgoni bo hlokehang ba ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho latela boikarabelo ba hona jwale le ba nakong e tlang.
B. MANANEO A TLWAELEHILENG A THUPELO
Letona le tla-
a fumana ditlhoko tse akaretsang tsa botsamaisi le tsa thupelo ya boetapele tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong;
b hlophisa dithuto tsa thupelo tse tlwaelehileng le ntshetsa pele ya mananeo ho latela ditlhoko tseo tsa thupelo; mme le c dula le tswela pele ho hlahloba dithuto tseo le mananeo mabapi le tshwaneleho ya tsona le boleng ba tsona ba tjhelete.
C. THUSO YA THUPELO
Letona le ka nna la nehelana ka thuso e jwalo le tataiso ho balaodi ba phethahatso ho latela ka moo le ka fumanang ho hlokeha ka teng ka morero wa ho ntshetsa pele tshebediso e sebetsang hantle le ntshetsopele ya ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
KAROLO YA VII. MELAWANA YA BOITSHWARO LE BOITSHWARO
A. METHEO
Ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong-
a di tla bontsha maemo a hodimodimo a ka moo ho ka kgonehang a melawana ya boitshwaro;
b di tla beha mohlala bakeng sa bohle ba banyenyane ho bona mosebetsing le ho hlokomela hore ho na le maemo a phahameng a profeshenale le boitshwaro bo botle tswakatswakanong ya bona le batho ba maemong a ofisi ya dipolotiki ha mmoho le setjhaba; le c di tla netefatsa hore nakong eo di etsang mesebetsi ya tsona di fokotsa dikgohlano tsa ditabatabelo le ho beha ka pele ho tsohle ditabatabelo tsa setjhaba.
B. NTSHETSOPELE YA BOITSHWARO BO BOTLE
B.1 Letona ka keletso ya Khomeshenara le ka nna fana ka taelo ya hore ho ntshetswe pele melawana ya boitshwaro le boitshwaro bo botle dithong tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong le ho tlatseletsa Khoutu ya Boitshwaro e lohothwang Kgaolong ya 2 le Moralong wa Tshebetso wa ho beha ditaba tsa ditjhelete Pepeneneng e lohothwang Kgaolong ya 3.
B.2 Letona le ka nehelana ka tataiso le thuso ho Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho ya ka moo le fumanang ho lokela ka teng ho fokotsa dikgohlano tsa ditabatabelo le ho ntshetsa pele boitshwaro ba profeshenale.
KAROLO YA VIII. DIKAMANO TSA MOSEBETSI LE RAMOSEBETSI
A. METHEO
Dikamano tsa mosebetsi le ramosebetsi tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong e tla ba tse reretsweng ho tshireletsa ditokelo le ditabatabelo tsa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka mokgwa o loketseng boemo bo hodimo ba basebetsi bao eleng ditho.
B. KGOHLANO YA DITABATABELO
Setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong se tla qoba kgohlano ya ditabatabelo ya mofuta ofe kapa ofe e ka hlahang boemeding ba hae ba ditabatabelo tsa lefapha leo setho se leng ho lona le boemeding ba setho moo eleng setho sa mokgatlo wa basebetsi, ho latela tlhaloso eo ho fanweng ka yona karolong ya 213 ya Molao wa Dikamano tsa Basebetsi. Letona le ka nna la nka mehato ho latela ka moo le fumanang ho hlokeha ka teng ho thusa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho qoba kgohlano e jwalo.
C. MOKGATLO WA PROFESHENALE
Letona le ka nna la theha mokgatlo wa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa profeshene ya bona.
D. BOITSHWARO BO BOBE LE HO HLOKA BOKGONI
Letona ho latela Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, le ka nna la fana ka ditaelo tsa ho theha mehato bakeng sa boitshwaro bo fosahetseng le tlhokeho ya bokgoni bakeng sa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
A. METHEO
Balaodi ba Phethahatso ba tla tebisa maikutlo tabeng ya ho kgaotswa ha mosebetsi wa ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong ka mokgwa o hlokang leeme bathong ba amehang le ho nkella hloohong ditabatabelo tsa setjhaba. Letona le ka thusa Balaodi ba Phethahatso hore ba kgone ho etsa dintho ka moo ho loketseng ka teng.
B. MEHATO LE MENYETLA
Letona le ka fana ka ditaelo le ho nehelana ka tataiso balaoding ba phethahatso mabapi le mehato e lokelang hore e latelwe ha mmoho le menyetla e lokelang hore e lefuwe ditho ha di kgaotsa tshebeletso ya tsona Tshebeletsong ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
MELAWANA YA ELEKTRONIKI YA MMUSO
KAROLO YA I. BOLENG BA MMUSO BO TSHOPODI BA ELEKTRONIKI
A. METHEO
Mafapha a tla laola lesedi la theknoloji ka bokgabane le ka tsela e sebetsang hantle. Motheo wa ?Batho Pele? wa ho etsa hore batho bohle ba finyelle ditshebeletso ka mokgwa o lekanang, keketso ya tlhahiso le ho fokotsa ditshenyehelo, o tla thusa phumanong, taolong le tshebedisong ya lesedi la theknoloji. Lesedi la theknoloji le tla sebediswa jwalo ka tsela ya sesebediswa sa thuso ya tshebeletso ya setjhaba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong mme ha se ntho e ka fumanwang feela ntle le mabaka.
B. BOITLAMO MABAPI LE HO FUMANEHA HA MMOHO LE TAOLO YA MEHLODI YA LESEDI
Hlooho ya lefapha e tla netefatsa hore ho fumaneha, taolo le tshebediso ya lesedi la theknoloji ke lefapha e ntlafatsa-
a nehelano e otlolohileng kapa e sa otlolohang ya ditshebeletso setjhabeng, ho kenyeleditswe hore setjhaba se fumane ditshebeletso tse lekanang tse tswang lefapheng empa tsohle di seke tsa fella moo;
b tlhahiso ya lefapha; le c tshebediso e ntle ya ditshenyehelo tsa lefapha.
A. METHEO
Ha tshebeletso ya setjhaba e ntse e ntokisetsa mokgwa wa mmuso wa elektroniki wa nehelano ya ditshebeletso, jwale tshebeletso ya setjhaba e hloka haholo tsela e fapaneng ya tshireletso ya lesedi. Hona ho etsahala ka lebaka la ditshebeletso tsa mmuso tse kopantsweng tse itshetlehileng haholo tshireletsong ya lesedi ya karolo e nngwe le e nngwe letotong la boleng ba mmuso. Dikgoqetsane tsa tshireletso ditshebeletsong tse kopanetsweng tsa mmuso di ka ba le tshusumetso e mpe nehelanong ya ditshebeletso tseo tshebeletso ya setjhaba e nehelanang ka tsona, ka mathata a maholo ho basebedisi ba ditshebeletso tsena. Ke ka hoo boleng ba lewa le ba bohlokwa ba lesedi la tshebeletso ya setjhaba bo lokelang hore bo tshireletswe le ho fuwa kananelo e tshwanetseng ya molao.
B. BONYANE BA MAEMO A TSHIRELETSO YA LESEDI
B.1 Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha, le tla fana ka Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi (boo mona ho buuwang ka bona ka hore ke MISS) ba tshebeletso ya setjhaba ka sebopeho sa bukana ya tataiso e bitswang Bukana ya Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi.
B.2 Motho e mong le e mong ya sebetsang ka mehlodi ya Tshebeletso ya Setjhaba o tla inyalanya le MISS.
B.3 Hlooho ya lefapha e ka kopa ho fuwa monyetla wa ho se sekehele tsebe pallo tsa MISS. Ho tla nehelanwa ka kopo ho Letona. Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha, le ka nehelana ka kopo bakeng sa mohau oo haeba o nkuwa e le wa bohlokwa bakeng sa tshebetso e ntle ya lefapha le amehang kapa karolo ya teng.
C. NETEFATSO YA NYALANO
Mang kapa mang ya thontsweng ke Letona ka ditherisano le Letona la Bohlwela ba Naha kgafekgafetsa o tla netefetsa lefapha le leng le le leng bakeng sa nyalano le MISS.
D. HO FADIMEHELA TSHIRELETSO YA LESEDI
D.1 Hlooho ya lefapha e tla netefatsa hore ho fadimehetswe tlhokomelo ya tshireletso ya lesedi ka dinako tsohle lefapheng.
D.2 Ha mosebetsi wa lefapha ho etsahala hore a tsebe ka taba ya tlhokeho ya tshebedisano le MISS, o tla tlaleha seo hang hang ho hlooho ya lefapha kapa ho mosebetsi eo hlooho ya lefapha e mo thontseng bakeng sa morero ona.
D.3 Ka dinako tsohle ha ho ba le phetoho le kapa ho tliswa ntlafatso e itseng mokgweng wa Lesedi la Tshebeletso ya Setjhaba, tsela ena e tla netefatswa bakeng sa nyalano le MISS.
E. DIPEHELO TSA TLHOKEHO YA BOIKAMANYO LE TSA
DIKETSAHALO TSA TLHOKEHO
Hlooho ya lefapha kgafetsa ho latela tshoso e bakilweng ke ketsahalo, e tla teka ka pele ho Molaodi Kakaretso: Boemedi ba Bohlwela ba Naha, Mohlakisi wa Kakaretso le bolaodi bo bong ho latela ka moo hlooho e tla fumana ho tshwaneleha -
a pehelo ya ketsahalo e nngwe le e nngwe ya tlhokeho ya boikamanyo le MISS;
b moralo wa ka moo diketsahalo tsa tlhokeho ya boikamanyo di tla lokiswa ka teng le ho thibela diketsahalo tse tshwanang le tseo nakong e tlang; le c pehelo ya bolokolohi bohle boo bo ileng ba dumellwa mabapi le ho fapoha kapa ho se ikamahanye le dipallo tsa boikamanyo tsa molawana wa B.3 Karolong ena le ho fapoha ho ileng ha etswa mabapi le ho ikamanya le Bonyane ba Maemo a Tshireletso ya Lesedi MISS ka lebaka la ho kgeloha hoo ho jwalo.
A. METHEO
Ho bopa le ho dula o nyalanya ka dinako tsohle bonyane ba maemo a tshebedisano a hlokehang ka lebaka la ho ntshwa tshebetsong ka potlako ha ditheknoloji tsa kgokahano, sebopeho se bitsang haholo sa mekgwa ya dihlahiswa tsa theknoloji ya kgokahano ya lesedi le ditshebeletso ha mmoho le dihlahiswa tse ngata haholo tse sa tsamaelaneng le theknoloji ya dikgokahano thekisong ya dihlahiswa tsena. Haeba tshebedisano ya mofuta ona e sa laolwe ka hloko mabaka ana a ka etsa hore tshebeletso ya setjhaba e qetelle e tsetetse tjhelete dihlahisweng tse seng di tswile tshebetsong, tse jang tjhelete e ngata le dihlahisweng tse sa tsamaelaneng le theknoloji ya kgokahano ya lesedi le ditshebeletso tse sitisang ho fana ka tshebeletso e babatsehang. Boinyalanyo bo tlamang mafapha kaofela le maemo a tshebedisano tshebeletsong ya setjhaba bo a hlokeha bakeng sa ho nehelana ka tshebeletso e hlokang tshitiso le e kopantsweng.
B. BONYANE BA MAEMO A TSHEBEDISANO
B.1 Letona ka morao hoba le rerisane le Lekgotla la Mmuso la Bahlanka ba Lesedi la Theknoloji (leo mona le bitswang ?Gito Coucil?) le tla fana ka Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (ao mona a bitswang ?MIOS?) a tshebeletso ya setjhaba ka sebopeho sa bukana ya tataiso e bitswang Bukana ya Bonyane ba Maemo a Tshebedisano.
B.2 Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS) bo tla kenyeletsa pallo tsa maemo le diqaqiso tsa-
a kgokahano;
b ho kopanngwa ha lesedi; le c tsela ya ho finyelleha ha lesedi mabapi le ho hadikisa mahlo feela hodimo le ho sheba.
C. NYALANO
C.1 Mekgwa ena e latelang e tla nyalana le Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS):
a karolo e nngwe le e nngwe ya mofuta wa lesedi le letjha le ntshetswang pele kapa le fumanwang bakeng sa tshebeletso ya setjhaba kapa ntjhafatso e nngwe le e nngwe le mokgwa ofe kapa ofe wa lesedi le teng tshebeletsong ya setjhaba; le b mokgwa o mong le o mong o setseng oo eleng karolo ya ho fana ka tshebeletso ya elektroniki tshebeletsong ya setjhaba.
C.2 Hlooho ya lefapha e tla kenyeletsa nyalano le Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS) morerong wa projekte ya mehato ya kananelo ya lefapha. Bonyane ba Maemo a Tshebedisano (MIOS) bo tla sebediswa morerong wa projekte e nngwe le e nngwe ya lefapha.
D. TEKOLO YA BONYANE BA MAEMO A TSHEBEDISANO (MIOS)
Ka sepheo sa ho kgothaletsa ho Letona hore ho be le maemo a matjha kapa ho fetolwe kapa ho hlakolwe maemo a teng a hona jwale, Lekgotla la Mmuso la Bahlanka ba Lesedi la Theknoloji le tla dula le ntse le lekola kgafetsa jwalo Bonyane ba Maemo a Tshebedisano.
Kgaolo ya 5 jwalo ka ha e kentswe tshebetsong ka Tsebiso ya Mmuso ya R. 1346 ya mohla la 1 Pudungwana selemong sa 2002 e qalang ho sebetsa ho tloha ka la 1 Pherekgong 2003
DITLHOPHISO TSA NAKWANA
Pehelo ya selemo sa ditjhelete se felang mohla la 31 Tlhakubele 2001, eo ho buuwang ka yona molawaneng wa III J.2 wa Kgaolo ya 1, e tla kenyeletsa lesedi le latelang:
a Moralo le ho nehelana ka tshebeletso i Ditaelo tsa sehlooho, mesebetsi le maikemisetso a lefapha.
ii Maemo a tshebeletso a maikemisetso a ka sehloohong le sephetho se fihletsweng ka ho kgotsofatsa maemo.
b Tlhophiso i Sebopeho sa tlhophiso ya lefapha le motheo wa mosebetsi o ananetsweng.
ii Palo ya basebetsi le dikgeo tsa mosebetsi, ho latela karolo e itseng, boemo bo itseng le sebopeho sa mosebetsi.
iii Palo ya mosebetsi ya batho ba eketswang motheong wa mosebetsi o ananetsweng.
c Hlahlobo ya mosebetsi i Ka khoutu ya tefo CORE, tshebetso le boemo, palo ya dikgeo tsa mosebetsi tse hlahlobilweng, tseo maemo a tsona a phahamisitsweng le moo maemo a theotsweng.
ii Palo ya basebetsi ba phahamisitsweng ka lebaka la mesebetsi eo boemo ba yona bo phahamisitsweng, ho latela botjhaba, boemo ba hore mosebetsi ke mosadi kapa ke monna le boemo ba boqhwala.
iii Palo ya basebetsi bao moputso wa bona o tlolang boemo bo tsepamisitsweng ba hlahlobo ya mosebetsi le mabaka a ho fapoha ho hong le ho hong, ho latela khoutu ya tefo CORE le tshebetso.
d Tefo i Phesente ya ditjhelete tsa ditekanyetso ho tehetswe ka thoko ditefello tse ileng tsa fetisetswa dikarolong tse ding, ditshenyehelo tsa mobu le meaho, ha mmoho le ditefello tse ding tse fapafapaneng tse sebedisitsweng di tswa ditshenyehelong kaofela tsa moifo wa basebetsi, ditshenyehelo tsa tsamaiso le tsa ditshebeletso tsa profeshenale le tse ding tse ikgethang.
ii Ditshenyehelo tsa moifo wa basebetsi ka kgefutso tsa R20 000, ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna, kgolofalo, CORE le tshebetso.
Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong.
iv Tshenyehelo tsa mesebetsi ya ka morao ho dihora tsa mosebetsi, dipoello le menyetla ho latela phesente ya ditshenyehelo kaofela tsa moifo wa tshebetso.
d Tokiso ya diphoso tse entsweng ho latela puso ya nako e fetileng, ho thaothwa, ho phahamiswa mosebetsing le ho kgaotswa ha ditshebeletso i Katleho e fihletsweng ka ho kenya tshebetsong mehato ya lenaneo la tokiso ya tse neng di ile tsa foswa nakong e fetileng ho ya ka molawana wa III D.2 wa Kgaolo ya 1.
ii Palo ya basebetsi ba ileng ba thaothwa ho latela boemo ba bona le mosebetsi, mme e bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boqhwala.
iii Palo ya basebetsi ba phahamisitsweng mosebetsing ho latela boemo le tshebetso, mme e bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boqhwala.
iv Palo ya basebetsi ho latela boemo le tshebetso, bao ditshebeletso tsa bona di ileng tsa kgaotswa, hona ho bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna le boemo ba boqhwala.
V Palo, mesebetsi le maemo a basebetsi ba tswang kantle ba kentsweng mosebetsing.
f Taolo ya tshebetso le ntshetsopele ya mahlale a tshebetso i Basebetsi ba amohetseng meputso ya tshebetso, mme ba bontshwe ho latela boemo ba mosebetsi, khoutu ya tefo CORE, tshebetso, botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa monna le boemo ba kgolofalo.
ii Mekololokotwane e behilweng hore e fihlelwe ka thupelo moralong wa thupelo, le katleho e fihletsweng ka mekolokotwane eo e behilweng.
ii Kabo e entsweng ya thupelo ditekanyetsong tsa lefapha, le tjhelete e sebediseditsweng mokolokotwane o mong le o mong o neng o behilwe hore o fihlellwe, mme tsena di lokela hore di bontshwe ho latela botjhaba, boemo ba hore motho ke mosadi kapa ke monna, kgolofalo le tshebetso boemong bo bong le bo bong le ho latela CORE ka nngwe.
iv Palo, i ya kantle le ii le ya ka hare, le mofuta wa maneneo a thupelo a ileng a kenngwa tshebetsong.
v Palo le sebopeho sa diketsahalo tsa temalo, ho kula le mafu a ileng a hlaha mosebetsing wa mmuso kapa tikolohong ya mosebetsi.
g Palo le mooko wa ditaba tseo ho dumellanweng ha mmoho ka tsona.
h Llifi ya ho kula i Palohare ya matsatsi a llifi ya ho kula a nkilweng ke basebetsi lefapheng, ntlha ena e bontshwe ho latela boemo ba basebetsi le tshebetso ya bona.
iv Ditjeho kaofela tse akanngwang tsa lefapha ka lebaka la llifi e nkilweng ka mokgwa o tjena.
v Palo ya basebetsi ba ileng ba nka matsatsi a llifi a fetang 15 ka tatellano selemong se tlasa hlahlobo.
h Palo ya basebetsi ba ileng ba lokollwa mosebetsing ka lebaka la ho kula.
Ntle le molawana wa VII.C wa Kgaolo ya 1-
a dikgeo tsohle tsa mosebetsi tse ileng tsa phatlalatswa pele ho la 1 Phupu 1999 mabapi le ho tlatsa dikgeo nakong eo kapa ka morao ho yona, tsela e tla latelwa ke e tsamaelanang le dipallo, ditaeletso le ditlhoko tse loketseng le tse ileng tsa qala ho sebetsa hang hang pele ho moo; le b dikgeo tsa mosebetsi di tla phatlalatswa ho latela Tokomane e potolohang ya Nomoro ya 2/3/1/3/P e ntshitsweng ke Molaodi Kakaretso: Tshebeletsong ya Setjhaba le Tsamaisong mohla la 24 Tlhakubele 1999, ho fihlela Letona le nehelana ka ditaelo tlasa molawana wa VII C.2.7.
Ntle le molawana wa VII. E wa Kgaolo ya 1, mafapha a tla tswela pele ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele 2001 ho sebedisa foromo ya Z187 bakeng sa morero wa ho fana ka pehelo e ngotsweng ya basebetsi ba ntseng ba le tlasa teko ho ya ka motheo wa kgwedi tse ding le tse ding tse tharo.
Ntle le Karolo ya VIII ya Kgaolo ya 1 le ho latela mokgwa ofe kapa ofe wa ditumellano tse entsweng ha mmoho, mokgwa wa hlahlobo ya moifo wa basebetsi, hlahlobo ya boleng ba mosebetsi bo lokelwang ke ho putswa le diprofaele tsa basebetsi ka bobona, ho kenyeleditswe le meputso ya kananelo ya boleng ha mmoho le meputso ya kananelo ya dikepele tsa meputso e phahameng, ke dintho tse tla dula di sebetsa kaofela ho fihlela mohla la 31 Tshitwe 2000, ntle leha lefapha le ikemiseditse ho kenngwa tshebetsong ha tsena nakong e tlang esale pejana, eo ka yona mokgwa wa taolo ya tshebetso o ka kenngwang tshebetsong nakong efe kapa efe dipakeng tsa mohla la 1 Phupu 1999 le 1 Mmesa 2001.
Ho ya ka tumellano efe kapa efe e etswang ha mmoho, diforomo tsa mmuso tse nnileng tsa sebediswa hang pele ho mohla la 1 Phupu 1999 mabapi le ditaba tsa tshebeletso ya setjhaba tse tsejwang ka sehlongwapele sa ?Z? di tla tswela pele ho sebediswa mabapi le dintlha tseo -
a ha feela tshebediso ya tsona e tsamaelana le dipallo tsa Melawana ena kapa tumellano efe kapa efe e fihllwetsweng ha mmoho; le b le ho fihlela mohla letsatsi le tla tsepamiswa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso. Tsepamiso e jwalo e ka nna ya etswa kgafekgafetsa ho latela foromo efe kapa efe e le nngwe kapa diforomo tse jwalo tse ngata.
Foromo efe kapa efe e lohothwang seratswaneng sa 5 e ka nna ya fetolwa ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
Seratswana sa 6 jwalo ka ha se fetotswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 e sebetsang ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001
KONTERAKA YA MOSEBETSI E LAELEDITSWENG HO LATELA KAROLO YA 12 YA MOLAO WA TSHEBELETSO YA SETJHABA WA 1994 (KGWELETSO YA NOMORO YA 103 YA 1994), YA DIHLOOHO TSA MAFAPHA
E KENETSWENG KE E LE DIPAKENG TSA
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, oo mona o emetsweng ke ...
lebitso ka botlalo la motshwari wa ofisi ya dipolotiki boemong ba Bolaodi ba Phethahatso ba ... hlalosa potfoliyo eo ka morao ho mona o tla bitswa hore ke Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka hlooho ya lefapha eo mona a bitswang Mosebetsi.
MOO HO DUMELLANWANG KA TSELA E LATELANG:
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi, ya dumelang le ho amohela mosebetsi jwalo ka Hlooho ya Lefapha la ... (lebitso la Ofisi, Lefapha, Karolo ya Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) ho latela karolo ya 12 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao ha ho buuwa ka ona) bakeng sa nako ya dilemo tse ... (eleng dikgwedi tsa khalendara tse ) tse qalang ho tloha mohla la ... mme di fele mohla la ...
Ho latela konteraka ena-
Mosebeletsi o tla sebeletsa Ramosebetsi jwalo ka Hlooho ya ... (lebitso la Ofisi, Lefapha, Lekala la Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) sebakeng seo Ramosebetsi neng kapa neng a ka laelang hore a sebeletswe ho sona;
Mosebetsi o tla jara boikarabelo ba taolo e sebetsang hantle le tsamaiso ya (lebitso la Ofisi, Lefapha, Lekala la Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) ka moo ho lohothwang ka teng karolong ya 7 (b) e balwang ha mmoho le karolo ya 7 ya Molao le ka moo ho lokodisitsweng ka teng Tumellanong ya Tshebetso eo ho buuwang ka yona seratswaneng sa 7.
Mosebetsi o boetse o na le boikarabelo ba ho sebedisa matla le ho etsa mesebetsi e fuweng hlooho ya lefapha ka kakaretso kapa ya keneng dieteng tsa Hlooho ya Lefapha la ... (lebitso la Ofisi, Lefapha, Karolo ya Tlhophiso kapa Lefapha la Provense) ka ho qoholleha, kapa ho latela Molao wa Motheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996), Molao kapa molawana ofe kapa ofe;
khiro ya Mosebetsi e itshetlehile tabeng ya ?
ho lekolwa le ho feta pela melao ya tshireletso ya ... (ya mmuso eo eleng lekunutu, sephiri, pinyane e kgolo)
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi nako ya dikgwedi tse 12, ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Dintlha dife kapa dife tse hlahang konterakeng ena, tse sa etsetswang monyetla ka ho qoholleha mona, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001, (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Seratswana sa 1.25 jwalo ka ha se fetotswe ka Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong selemong sa 2001 se sebetsang ho tloha mohla la 1 Motsheanong selemong sa 2001
Tefo
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a amohelang mosebetsi jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla o tla lefuwa ka diqonwanwa tse 12 tse lekanang tsa kgwedi e nngwe le e nngwe.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ho latela karolo ya 7 (b) ya Molao ona, Mosebetsi o tla tshwanelwa ke ho ba le kabelo melemong e meng le ditshwanelong tse ikgethang tseo a di fuwang ka tlwaelo jwalo ka Hlooho ya Lefapha ho latela ka moo tsena di tla hlophiswa ka moo ho loketseng ka teng ho ya ka Konteraka ena kapa ditaeletso tse ding tse amehang
Ha Mosebetsi a hlokwa hore a etse mesebetsi hole le ntlokgolo ya hae, o tla tsamaya ka ditefello tsa maeto tsa Ramosebetsi mme o tla lefuwa ditjhelete tsa ditlhapiso bakeng sa bodulo le dijo ho latela dipallo tse laeleditsweng.
Ho abelwa mosebetsi tulong e nngwe ya tshebeletso le ho hirwa botjha ka morao hoba nako ya konteraka e fele
Mosebetsi o amohela hore o fumane tsebo e phethahetseng ya dipallo le karolo ya 3B le ya 12 ya Molao.
Ho kgaolwa ha mosebetsi
Nako ya ofisi ya Mosebetsi e ka nna ya kgaolwa ka ditsela tse latelang:
Ha a fihletse nako e laeleditsweng ya (kapa ka boikgethelo pejana ho moo) dilemo tsa ho beha meja fatshe.
Ha a qetile nako ya hae kapa nako ya ofisi e lelefaditsweng.
Ho beha meja fatshe pele ho nako ha Mosebetsi ha ile a ikopela jwalo.
Tokollo mosebetsing ho latela karolwana efe kapa efe ya karolo ya 17 ya Molao.
Ho tsepamiswa botjha ha nako ya mantlha kapa nako e lelefaditsweng ya Mosebetsi ofising ke Ramosebetsi.
Ho dihela mosebetsing ka boithaopo.
Ho hlokahala (lefu).
Tjhelete ya Penshene le menyetla e lefuwang e meng e hoketsweng ka ho otloloha karolong e qoholotsweng ya Molao o sebediswang, jwalo ka ha o laolwa ke Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi ba Mmuso wa 1996, Melawana e phatlaladitsweng ka tlase ho moo ka moo ho lokelang ka teng ke Hlooho ya Lefapha le ho latela Melawana.
Ho latela dipallo tsa dikarolo tsa 16 le 12 kapa tsa Molao, le Molao wa Dikamano tsa Mosebetsi wa 1995, moamehi e mong le e mong, ka morao ho ditherisano le tumellano, a ka kgaotsa Konteraka pele nako ya hae ya mathomo ya mosebetsi ona e fela kapa nako ya hae e lelefaditsweng e fela, ka ho nehelana ka tsebiso ho moamehi e mong ya hore o tla lesa mosebetsi ka morao ho dikgwedi tse tharo, mme tsebiso eo -
ho tla fanwa ka yona ka lengolo; mme ho tla nehelanwa ka yona mohla letsatsi kapa pele ho letsatsi la qetelo la kgwedi mme e simolle ho sebetsa letsatsing la pele la kgwedi e hlahlamang.
Haeba ho nehelanwe ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi ho latela mokgwa o lohothwang temaneng ya 4.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho kopa Mosebetsi ho tswa ofising eo a neng a ntse a tshwere mosebetsi wa yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha leo pele dikgwedi tse tharo tsa tsebiso eo ya ho lesa mosebetsi di fela tseo Mosebetsi a neng a di behile mme mosebetsi a se hlole a tla mosebetsing nakong efe kapa efe ka morao ho moo.
Leha Ramosebetsi a ka ipiletsa dipallong tsa temana ya 4.4, Mosebetsi o tla dula a ntse a na le tokelo tsohle tsa menyetla e fuperweng ke taeletso tse tshwanetseng.
Moo mosebetsi a hlolehileng ho etsa mosebetsi ka tshwanelo kapa moo a ileng a bontsha boitshwaro bo fosahetseng, Ramosebetsi a ka sebetsana le yena ho latela molao o tshwanetseng wa mosebetsi le ho latela taelo efe kapa efe eo Letona le tla fana ka yona.
Ntjhafatso le ho lelefatswa ha nako ya Ofisi ya mosebetsi
Ramosebetsi o tla ngolla Mosebetsi ho buisana le yena bonyane dikgweding tse pedi tsa khalendara pele nako ya hae ya mosebetsi e lohothwang temaneng ya 1(pele ho nako) e fela, ho sa natswe hore o hlahisa ntlha ya ho boloka mosebetsi tshebeletsong bakeng sa nako efe kapa efe e lelefaditsweng empa e sa fete dilemo tse hlano (dikgwedi tse 60 tsa khalendara) kapa tjhe. Ha Mosebetsi a se a tsebisitswe ka maikemisetso a jwalo a ho mmoloka tshebeletsong bakeng sa nako e nngwe e lelefaditsweng, Mosebetsi o tla ngolla Ramosebetsi nakong ya kgwedi e le nngwe ya khalendara ho tloha letsatsing la puisano eo, a bolele tsa kamohelo ya hae ya mosebetsi kapa ho se amohele mosebetsi nakong ya bolelele bo bo kaalo.
Ha ho etsahala hore ho fihlelwe tumellano ya hore Mosebetsi o tla boela a kenela Konteraka e nngwe hape ka morao hoba nako ya hae ya Konteraka e fele kapa e phethahale, tshebetso e tswelang pele ya Mosebetsi e tla ananelwa ho latela Konteraka ena e ntjha ya mosebetsi e fihletsweng e le ho qoba ho kgaokgaoha ha mofuta ofe kapa ofe wa tshebetso mme menyetla efe kapa efe e bokeletsweng e mo tshwanetseng kapa pokello e tsamayang ho latela sekgahla sa tswala e tla fetisetswa tumellanong ya Konteraka e ntjha.
Ha ho etsahala hore Ramosebetsi a seke a ntjhafatsa nako ya Konteraka ho fetisa nako eo ho neng ho dumelanwe ka yona sethathong jwalo ka ha ho boletswe Temaneng ya 1 ka hodimo, Mosebetsi o tla lokelwa ke ho fumana penshene le menyetla e meng e hokahaneng ka ho otloloha le karolo e ikgethang ya Molao e sebediswang.
Mosebetsi o itlama ho Ramosebetsi hore ?
ntle le tumello e tshwanetseng le nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a fana ka rekoto efe kapa efe ho latela tlhaloso eo ho fanweng ka yona karolong ya 1 ya Molao wa Kgothaletso ya Phinyello ya Lesedi, wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000), e sa lokelang hore ho fanwe ka yona kapa eo ho ka nna ha hanwa ka yona ha ho na le kopo ya ho batla ho finyella rekoto ya mokgatla wa setjhaba ho latela Molao, ho sa tsotelehe hore molao oo o a sebetsa kapa tjhe;
nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a sebedisa rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo le e fumanweng ka lebaka la tshebetso ya hae, ka sepheo sa ho hulela Mmuso tsietsing, ntle le haeba e sebedisitswe tshebedisong ya tokelo kapa tshireletsong ya tokelo efe kapa efe, kapa tebello ya molao, ho latela molao;
hore-
a haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsing ka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe ho Ramosebetsi e hlalositsweng jwalo ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme b a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo o tla inyalanya le Khoutu e laeleditsweng ya Boitshwaro.
Mosebetsi -
o amohela hore o ile a tebisa maikutlo ka dipallo tsa temana ena;
o dumela hore temana ena, ka morao hoba a nkelle hloohong maemo ohle a loketseng, e a utlwahala ebile e a hlokeha bakeng sa tshireletso e nepahetseng ya ditabatabelo tsa Ramosebetsi le Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le hore ha ho ka etsahala hore ka nako efe kapa efe a be le bothata ba ho utlwahala ha temana ena, o tla jara boikarabelo ba ho bontsha hore temana ena ha e utlwahale; mme o amohela hore o kene Konterakeng ka bolokolohi ntle le ho qobellwa ke mang kapa mang mme ha ho na maemo a teng le kapa a neng a le teng le kapa a hore hona jwale kapa nakong efe kapa efe e tlang a bolele hore o ne a le ka mosing ha a tla dumela dipallo tse lokodisitsweng temaneng ena kapa o ne a se boemong bo lekanang le Ramosebetsi ha a tla dumellana le yena ka dipallo tse jwalo tsa mosebetsi.
Dipallo le diphehelano tse ding
Ramosebetsi le Mosebetsi mona ba dumelana ka dipallo le dipehelano tse latelang jwalo ka ha di lohothwa karolong ya 12 ya Molao (hlakola ntlha e sa tsamaelaneng le ditaba tsa hao):
Mosebetsi o tla kena tumellanong ya tshebetso ya nako ya selemo e tsamaelanang le selemo se itseng sa ditjhelete le Ramosebetsi, mme tumellano ena e tla kenyeletsa bonyane tse latelang:
Nyollo tsa moputso di tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo ya moputso wa Mosebetsi e tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona tlasa meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi. Nyollo ya moputso le bonase ya kheshe di tla thehwa ditsepamisong, ditaelong le tataisong tse tswang ho Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Tumellano ya tshebetso ya selemo eo ho entsweng monyetla wa yona ho latela seratswang sa 7.1 ka hodimo e hokeletsweng selemong se itseng sa ditjhelete, e bontshang ka ho hlaka dikarolo tsa tshebetso kapa ditlhoko kapa dintho tse lokelang ho finyeletswa ke Lefapha mme di lokela hore di kene nakong ya Konteraka ena ya Mosebetsi. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hokeletswe dilemong tsa ditjhelete, di lokela hore di etswe bonyane ka la 30 Mmesa selemong se seng le se seng sa nako ya bolelele ba Konteraka ena. Mosebetsi o lokela hore a kenele tumellano ya hae ya tshebetso ya pele nakong e sa tloleng dikgwedi tse tharo ka morao hoba a simolle ka mosebetsi. Ho latela Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya VII B.2, Ramosebetsi o tla ngodisa dithomo le kapa dikananelo tumellanong ya tshebetso.
Tumellano ya tshebetso e tla lekola botjha haeba nakong efe kapa efe ya nako ya mosebetsi ya tshebetso, mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha e fetohile haholo hona (mohlomong e le ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya taolo kapa ka tsela e nngwe e itseng) hoo dikahare tsa tumellano ena di seng di sa tsamaelane le maemo hantle.
Konteraka e hokeletswe tumellanong ya tshebetso ka ho otloloha eo ho buuwang ka yona ho feta ho 7.1. Ha ho ka etsahala hore Mosebetsi a seke a sebetsa ka mokgwa o kgotsofatsang mabapi le ditlhoko tsa tumellano ya tshebetso, Mosebetsi o amohela hore Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho ya ka mehato e fuperweng molaong o tshwanetseng wa basebetsi le ho ya ka taelo efe kapa efe eo Letona le faneng ka yona.
Mesebetsi efe kapa efe e ikgethang ya hlooho ya lefapha:
Metheo le mehato eo ka yona ditshebeletso tsa hlooho ya lefapha di ka kgaotswang pele nako ya hae ya hoba ofising e fela kapa nako ya hae e lelefaditsweng ya ofisi e fela, ho ya ka moo boemo ba ditaba bo ka bang ka teng:
Moya wa tshepano
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Tshebediseho ya Molao
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Konteraka ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Afrika Borwa.
Matla a taolo a makgotla a dinyewe
Mosebetsi o tla ipeha tlasa taolo ya Makgotla a dinyewe a Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
HO FAPOHA
Konteraka e bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ho se na tokiso, phetoho, keketso kapa ho kgeloha ha tokelo efe kapa efe, pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa tshwaetso ntle leha e le ntho e ngotsweng ebile e saenetswe ke baamehi Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng kapa tse nkwang di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Molao wa qobello
Ha ho molao o qobellang dipallo le dipehelano tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang ebile ho fanwe le ka lebaka. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Tsebiso le Bodulo
Baamehi ba kgetha bodulo ba bona ka ho fapana molemong wa dinyewe tsa molao le ka lebaka la ho fana le ho romela tsebiso efe kapa efe e etseditsweng monyetla kapa e hlokehang ho latela ditemana tsa Konteraka ena, diaterese tse latelang -
Ramosebetsi Mosebetsi
Aterese ya Bodulo ...
Aterese ya Poso ...
Nomoro ya Thelefekse ...
ha feela moamehi a fana ka phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe ba hae, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse kapa eng kapa eng e tlang ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong. Phetoho e jwalo ya aterese e tla sebetsa matsatsing a supileng ka morao hoba ho amohelwe ya phetoho e tliswang atereseng ya bodulo.
Ditsebiso kaofela di lokela hore ho fanwe ka tsona ka dipallo tsa Konteraka ena -
ho tla fanwa ka tsona ka mokgwa o ngotsweng; mme di tla fihliswa kapa di romelwe ka poso e rejistarilweng e seng e lefeletswe pele kapa thelefekse e lefeletsweng pele; mme haeba di fihlisitswe, ho tla nkuwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di entsweng hore di finyelle ka lona; kapa haeba di rometswe ka poso e rejistarilweng ebile e lefeletswe pele, di tla nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsing a mararo a tshebetso ao poso e tsamaisitsweng ka ona ntle leha ho ka bontshwa ka mokgwa o mong hore taba eo ha e jwalo; kapa haeba di romeletswe ka thelefekse, di tla nkuwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le latelang letsatsi leo di rometsweng ka lona ka thelefekse ntle leha ho ka bontshwa ka mokgwa o mong hore taba eo ha e jwalo.
Tokomane ena e saennwe ke Ramosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
DIPAKI:
RAMOSEBETSI BOLAODI BA
LA MMUSO
E saennwe ke Mosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
DIPAKI:
KONTERAKA YA MOSEBETSI YA MOSHWELLA HO LATELA KAROLO YA II YA KGAOLO YA 4 YA MELAWANA YA TSHEBELETSO YA SETJHABA YA 2001 YA DITHO TSA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
E KENETSWENG KE EBILE E LE DIPAKENG TSA
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, oo mona o emetsweng ke ...
lebitso ka botlalo la Bolaodi ba Phethahatso kapa moemedi wa hae boemong ba ... hlalosa potfoliyo kapa mosebetsi eo ka morao ho mona a tla bitswa hore ke Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka setho sa SMS boemong ba supa tshebetso ya hao setho seo ka morao ho mona se tla bitswa Mosebetsi.
MOO HO DUMELLANWANG TJENA:
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi ya dumelang ho amohela mosebetsi jwalo ka setho sa SMS ho latela karolo ya 9 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao) ho tloha letsatsing la mohla la ... Mosebetsi wa Mosebetsi ha mmoho le dipehelano tsa hae tsa mosebetsi o tla laolwa ke Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001 (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tse amang Mosebetsi.
Seratswana sa 1.1 jwalo ka ha se ile sa fetolwa ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 se qalang ho sebetsa ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001
Ho latela Konteraka ena-
Mosebetsi o tla sebeletsa Ramosebetsi ...
lebitso la Ofisi, Lefapha, Tlhophiso ya Karolo kapa Lefapha la Provense sebakeng seo a tla dula a laelwa ho sebetsa ho sona nako le nako ke Ramosebetsi kapa mohlanka ofe kapa ofe e mong ya nang le matla a jwalo mabapi le taba ena;
Mosebetsi o tla jara boikarabelo ba boikarabelo le dikarolo tsa tshebetso tse ka sehloohong tse lokodisitsweng Tumellanong ya Tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5 mme o tla ikamanya le boitlamo bofe kapa bofe ba molao bo loketseng boemo bona;
khiro ya Mosebetsi e itshetlehile tabeng ya ?
ho lekolwa le ho feta pela melao ya tshireletso ya ... (ya mmuso eo eleng lekunutu, sephiri, pinyane e kgolo)
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi ya dikgwedi tse 12, ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Mosebetsi a ka hlokwa hore a sebetse mesebetsi efe kapa efe e meng kapa a sebetse dibakeng tse ding tseo ka tsela e utlwahalang tseo Ramosebetsi a tla hloka hore a sebetse ho tsona; le ntlha efe kapa efe e ka hlahang, e sa etsetswang monyetla ka ho ikgetha mona, e tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Tefo
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a qalang ho amohela mosebetsi jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla ya ditlhapiso o tla lefuwa ka diqonwana tse 12 tse lekanang ka kgwedi le kgwedi.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ha Mosebetsi a hlokwa hore a etse mesebetsi hole le ntlokgolo ya hae, o tla tsamaya ka ditefello tsa maeto tsa Ramosebetsi mme o tla lefuwa ditjhelete tsa ditlhapiso bakeng sa bodulo le dijo ho latela dipallo tse laeleditsweng
Ho kgaolwa ha mosebetsi
Konteraka ya mosebetsi e ka kgaolwa tlasa mabaka a latelang:
Ha a se a fihlile nakong e laeleditsweng ya ho beha meja fatshe (kapa boikgethelong ba pejana ho moo).
Ha Mosebetsi a beha meja fatshe ka boyena pele ho nako ya hae ka lebaka la hobane a ile a ikopela ho etsa jwalo.
Ha a lokollwa ho latela karolo ya 17 ya Molao.
Ha a lesa mosebetsi ka boithaopo.
Ha a hlokahala.
Ha peshene le menyetla e meng ya tefo di hoketswe ka ho otloloha karolong e qaqisitsweng ya Molao e sebedisitsweng, ho ya ka moo e laolwang ke Molao wa Letlole la Mmuso la Dipenshene tsa Basebetsi wa 1996, le melawana e ileng ya hweletswa ka tlase ho moo ka moo e amang ka teng ditho tsa SMS, le Melawana.
Ha ho ka fanwa ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi maemong a lohothwang temaneng ya 3.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho batla hore Mosebetsi a tswe ofising eo a neng a le ho yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha pele nako ya tsebiso ya hae ya ho lesa mosebetsi e fela mme a se hlole a le beha mosebetsing ka letsatsi leo kapa letsatsing lefe kapa lefe ka morao ho moo.
Ha Ramosebetsi a ile a sebedisa dipallo tsa temana ya 3.3, Mosebetsi o ntse a na le tokelo ya ho lefuwa ditshwanelo tsohle tsa hae ho latela ka moo di fuperweng ka teng ke ditaeletso tse loketseng.
Moo Mosebetsi a ileng a hloleha ho sebetsa ka mokgwa o loketseng kapa a ileng a itshwara ka tsela e fosahetseng, Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho latela molao wa mosebetsi kapa taelo efe kapa efe e tswang ho Letona.
Boitshwaro
Mosebetsi o itlama ho Ramosebetsi hore -
ntle le tumello e tshwanetseng le nakong ya tshebetso ya hae kapa nakong efe kapa efe ka morao ho moo a keke fana ka rekoto efe kapa efe, ho latela ka moo ho hlalositsweng karolong ya 1 ya Molao wa Kgothaletso ya Phinyello ya Lesedi, wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000), e sa lokelang hore ho fanwe ka yona kapa eo ho ka nnang ha hanwa ka yona ha ho na le kopo ya ho batla ho finyella rekoto ya mokgatlo wa setjhaba ho latela Molao, ho sa tsotelehe hore molao oo o a sebetsa kapa tjhe;
nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a sebedisa rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo le e fumanweng ka lebaka la tshebetso ya hae, ka sepheo sa ho hulela Mmuso tsietsing, ntle le haeba e sebedisetswa tshebediso ya tokelo kapa tshireletso ya tokelo efe kapa efe, kapa tebello ya molao, ho latela molao.
hore-
c haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsingka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe ho Ramosebetsi e hlalositsweng jwalo ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme d a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo o tla inyalanya le Khoutu e laeleditsweng ya Boitshwaro.
Mosebetsi-
o amohela hore o nketse hloohong dipallo tsa temana ena;
o dumela hore temana ena, ka morao hoba a nkelle hloohong maemo ohle a loketseng, e a utlwahala ebile e a hlokeha bakeng sa tshireletso e nepahetseng ya ditabatabelo tsa Ramosebetsi le Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le hore ha ho ka etsahala hore ka nako efe kapa efe a be le bothata ba ho utlwahala ha temana ena, o tla jara boikarabelo ba ho bontsha hore temana ena ha e utlwahale; mme o amohela hore o kene Konterakeng ka bolokolohi ntle le ho qobellwa ke mang kapa mang mme ha ho na maemo a teng le kapa a neng a le teng le kapa a hore hona jwale kapa nakong efe kapa efe e tlang a bolele hore o ne a le ka mosing ha a tla dumela dipallo tse lokodisitsweng temaneng ena kapa o ne a se boemong bo lekanang le Ramosebetsi ha a tla dumellana le yena ka dipallo tse jwalo tsa mosebetsi
Dipallo le dipehelano tse ding hape
Mosebetsi o tla kenela tumellano ya tshebetso ya selemo le selemo le Ramosebetsi, e hokeletsweng selemong se qaqisitsweng sa ditjhelete, e tla kenyeletsa bonyane tse latelang:
Nyollo tsa moputso di tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo ya moputso wa Mosebetsi e tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona empa e kgohlela hantle ka hare ho meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi. Nyollo ya moputso le bonase ya kheshe di tla thehwa ditsepamisong, ditaelong le tataiso tse tswang ho Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso
Tumellano ya tshebetso ya selemo e etseditsweng monyetla ho latela temana ya 5.1 ka hodimo e hokeletsweng selemong se itseng sa ditjhelete, e hlalosang ka ho hlaka dibaka/ditlhoko/le tse lokelang ho etswa ke Lefapha le Mosebetsi di tlameha hore ho dumellanwe ka tsona. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hoketswe dilemong tsa ditjhelete, ho tshwanetse hore ho dumellanwe ka tsona bonyane ka la 30 Mmesa selemo se seng le se seng. Mosebetsi o lokela hore a kenele tumellano ya hae ya pele ya tshebetso nakong e sa feteng dikgwedi tse tharo ka morao hoba a qale mosebetsi
Tumellano ya tshebetso e tla lekolwa botjha haeba nakong efe kapa efe mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha (Yuniti, Bolaodi, Lekala, Karolo) e fetohile haholo hona (ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya bolaodi kapa taolo itseng) hoo dikahare tsa tumellano di seng di sa tsamaelane.
Konteraka ena e hoketswe ka tsela e otlolohileng tumellanong ya tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5.1 kapa ho feta. Ha ho etsahala hore Mosebetsi a seke a sebetsa ka mokgwa o kgotsofatsang mabapi le ditlhoko tsa tumellano ya tshebetso ya hae Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho ya ka mehato e fuperweng ke molao wa basebetsi o tshwanetseng le ditaelo tse ding tse tswang ho Letona.
Mesebetsi efe kapa efe e meng e ikgethang:
Moya wa Tshepano
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Tshebediseho ya Molao
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Tumellano ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Matla a taolo a makgotla a dinyewe
Mosebetsi o tla ipeha tlasa taolo ya Makgotla a dinyewe a Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
HO FAPOHA
Konteraka a bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ha ho tokiso, phetoho, keketso kapa ho fapoha ha tokelo efe kapa efe, pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa ha ba le tshwaetso ntle leha e le se ngotsweng ebile se saenetswe ke baamehi ba Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng kapa tse nkwang di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Molao wa qobello
Ha ho molao o qobellang dipallo le dipehelano tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang ebile ho nehelanwe ka sepheo sa ho etsa jwalo. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Tsebiso le Bodulo
Baamehi ba kgetha bodulo ba bona ka ho fapana molemong wa dinyewe tsa molao le ka lebaka la ho fana le ho romela tsebiso efe kapa efe e etseditsweng monyetla kapa e hlokehang ho latela ditemana tsa Konteraka ena, diaterese tse latelang -
Ramosebetsi Mosebetsi
Aterese ya Bodulo ...
Aterese ya Poso ...
Nomoro ya Thelefekse ...
ha feela moamehi a fana ka tlaleho ya phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe bo bong ba moamehi, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong. Phetoho e jwalo ya aterese e tla sebetsa matsatsing a supileng ka morao hoba ho amohelwe phetoho e tliswang atereseng ya bodulo.
Ditsebiso kaofela tseo ho lokelwang hore ho fanwe ka tsona ho latela Konteraka ena -
ho tla fanwa ka tsona ka tsela e ngotsweng; mme di tla finyeletswa kapa di romelwe ka poso kapa thelefekse ya rejistara e lefeletsweng esale pejana; mme haeba di fihliswa, ho nkuwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di fihlisitsweng ka lona; kapa haeba di romelwa ka poso e rejistarilweng pejana, ho nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo; kapa haeba di romelwa ka thelefekse, di nkuwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le hlahlamang letsatsi leo di rometsweng ka lona ka thelefekse ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo.
E saennwe ke Ramosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
BAO EBILENG DIPAKI KE:
LEBITSONG LA MMUSO/
YA MO TSHWARETSENG
E saennwe ke Mosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
BAO EBILENG DIPAKI:
KONTERAKA YA MOSEBETSI WA NAKO E TSITSITSENG KAPA WA MORERO WA PROJEKTE E IKGETHANG HO YA KA MELAWANA YA TSHEBELETSO YA SETJHABA YA 2001 WA DITHO TSA TSHEBELETSO YA BOLAODI BO KA SEHLOOHONG
E KENETSWENG KE E LE DIPAKENG TSA
Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, mona o emetswe ke ...
lebitso ka botlalo la Bolaodi ba Phethahatso kapa ya tshepetsweng ho etsa mosebetsi oo boemong ba ... supa potfoliyo kapa mosebetsi ka morao ho mona ya tla bitswa Ramosebetsi le lebitso ka botlalo jwalo ka setho sa Tshebeletso ya Bolaodi bo ka Sehloohong boemong ba ???????? supa mosebetsi ka morao ho mona ya tla bitswa Mosebetsi.
MOO HO DUMELLANWANG KA TSELA E LATELANG:
Ramosebetsi mona o hira Mosebetsi ya dumelang ho amohela mosebetsi jwalo ka setho sa SMS ho latela karolo ya 9 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 (oo ka morao ho mona o tla bitswa Molao) bakeng sa nako ya dilemo tse ... (dikgwedi tsa khalendara tse ... ) ho tloha letsatsing la mohla la ... Mosebetsi wa Mosebetsi ha mmoho le dipehelano tsa hae tsa mosebetsi o tla laolwa ke Molao, Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2001 (eo ka morao ho mona e tla bitswa Melawana) le dipallo dife kapa dife tse ding tse amang Mosebetsi.
Seratswana tsa 1.1 jwalo ka ha se ile sa fetolwa ke Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro ya R. 441 ya mohla la 25 Motsheanong 2001 se qalang ho sebetsa ho tloha mohla la 1 Motsheanong 2001
Ho latela Konteraka ena -
Mosebetsi o tla sebeletsa Ramosebetsi a le ...
lebitso la Ofisi, Lefapha, Karolo ya Tlhophiso kapa Lefapha la Provense sebakeng seo Ramosebetsi kgafekgafetsa a tla laela hore Mosebetsi a sebetse ho sona kapa mohlanka ofe kapa ofe e mong ya fuweng matla a jwalo mabapi le ntlha ena;
Mosebetsi o tla ikarabela boikarabelong le tshebetsong e ka sehloohong ya dibaka tse lokodisitsweng Tumellanong ya Tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5 mme o tla ikamanya le boitlamo bofe kapa bofe bo amanang le boemo bona;
ho kenngwa mosebetsing ha Mosebetsi ho itshetlehile tabeng ya ?
ho lekolwa le ho feta pela melao ya tshireletso ya ... (ya mmuso eo eleng lekunutu, sephiri, pinyane e kgolo)
nako ya teko ya ho etsa mosebetsi ya dikgwedi tse 12, ntle leha mosebetsi a hirilwe nako e sa feteng dikgwedi tse 12 le ho latela karolo ya 13 ya Molao; le hore Mosebetsi a nehelane ka ditefekeiti tsa sethatho tsa mangolo a boiphihlelo ba hae ba thuto le a profeshene, ditefekeiti tsa tshebetso le bopaki ba boahi ba Afrika Borwa.
Mosebetsi a ka hlokwa hore a sebetse mesebetsi efe kapa efe e meng kapa a sebetse dibakeng tse ding tseo ka tsela e utlwahalang Ramosebetsi a tla hloka hore a sebetse ho tsona; le ntlha efe kapa efe e ka hlahang, e sa etsetswang monyetla ka ho ikgetha mona, e tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao, Melawana le dipallo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le Mosebetsi.
Tefo
Tefo eo Mosebetsi a tla e fumana ho tloha mohla a kenang mosebetsing jwalo ka ha ho boletswe temaneng ya 1 ka hodimo, ke e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A.
Moputso le menyetla ya ditlhapiso o tla lefuwa ka diqonwana tse 12 tse lekanang tsa kgwedi le kgwedi.
Dipehelano tse akaretsang tsa mosebetsi le menyetla e qaqisitsweng Sehlomathisong sa A, e tla ba jwalo ka ha e lokodisitswe mme e etseditswe le monyetla ho latela Molao le Melawana. Baamehi Konterakeng ena ba amohela dipehelano tse akaretsang tsa tshebetso le menyetla e hlahang Sehlomathisong sa A mme tsena di ka nna tsa fetolwa kgafekgafetsa ho latela ditsepamiso le ditaelo tsa Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso.
Ha Mosebetsi a hlokwa hore a etse mesebetsi hole le ntlokgolo ya hae, o tla tsamaya ka ditefello tsa maeto tsa Ramosebetsi mme o tla lefuwa ditjhelete tsa ditlhapiso bakeng sa bodulo le dijo ho latela dipallo tse laeleditsweng
Nako ya ofisi ya Mosebetsi e ka nna ya kgaotswa ka ditsela tse lateng:
Ka morao hoba a phethe nako ya hae kapa nako ya ofisi e neng e ekeditswe.
Ka ho lokollwa mosebetsing ho ya ka karolo ya 17 ya Molao.
Ka lebaka la hobane a hlokahetse.
Ha peshene le menyetla e meng ya tefo di hoketswe ka ho otloloha karolong e qaqisitsweng ya Molao e sebedisitsweng, ho ya ka moo e laolwang ke Molao wa Letlole la Mmuso la Dipenshene tsa Basebetsi wa 1996, le melawana e ileng ya hweletswa ka tlase ho moo ka moo e amang ka teng ditho tsa SMS, le Melawana
Ho ya ka dipallo tsa Molao le Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995, baamehi ka bobedi, ka morao ho ditherisano le tumellano, ba ka kgaola Konteraka pele nako ya sethatho ya mosebetsi e fela kapa pele nako ya ofisi e lelefaditsweng e fela, ka ho fana ka tsebiso ya kgwedi ya ho kgaotsa mosebetsi, eleng tsebiso -
eo ho tla nehelanwa ka yona e ngotswe; le eo ho tla fanwa ka yona pele ho letsatsi la qetelo la kgwedi mme e simolle ho kena tshebetsong letsatsing la pele la kgwedi e hlahlamang.
Ha ho ka fanwa ka tsebiso ya ho lesa mosebetsi maemong a lohothwang temaneng ya 3.3, Ramosebetsi o na le tokelo ya ho batla hore Mosebetsi a tswe ofising eo a neng a le ho yona le ho tswa sebakeng sa Lefapha pele nako ya tsebiso ya hae ya ho lesa mosebetsi e fela mme a se hlole a beha leoto la hae mosebetsing letsatsing lefe kapa lefe ka morao ho moo.
Ha Ramosebetsi a ka sebedisa dipallo tsa temana ya 3.4, Mosebetsi o tla dula a ntse a na le tokelo ya menyetla kaofela ya ditlhapiso e fuperweng ke ditaeletso tse loketseng.
Moo Mosebetsi a sa sebetsang hantle ebile ho na le boitshwaro bo fosahetseng, Ramosebetsi a ka sebetsana le yena ho ya ka molao wa basebetsi o loketseng le taelo efe kapa efe e tswang ho Letona.
Boitshwaro
Mosebetsi o itlama ho Ramosebetsi hore o-
ntle le tumello e tshwanetseng le nakong ya tshebetso ya hae kapa nakong efe kapa efe ka morao ho moo a keke fana ka rekoto efe kapa efe, ho latela ka moo ho hlalositsweng ka teng karolong ya 1 ya Molao wa Kgothaletso ya Phinyello ya Lesedi, wa 2000 (Molao wa Nomoro ya 2 wa 2000), e sa lokelang hore ho fanwe ka yona kapa eo ho ka nnang ha hanwa ka yona ha ho na le kopo ya ho batla ho finyella rekoto ya mokgatlo wa setjhaba ho latela Molao, ho sa tsotelehe hore Molao oo o a sebetsa kapa tjhe nakong ya hae ya mosebetsi kapa neng kapa neng ka morao ho moo, a keke a sebedisa rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo le e fumanweng ka lebaka la tshebetso ya hae, ka sepheo sa ho hulela Mmuso tsietsing, ntle le haeba e sebedisetswa tshebediso ya tokelo kapa tshireletsong ya tokelo efe kapa efe, kapa tebello ya molao, ho latela molao.
hore-
e haeba a kopuwa ke Ramosebetsi nakong ya hae ya mosebetsi kapa nakong eo a dihelang mosebetsing ka yona, o tla nehelana ka rekoto efe kapa efe e hlalositsweng jwalo ho Ramosebetsi e ileng ya ba ho Mosebetsi ka lebaka la mosebetsi wa hae; mme f a keke a boloka ho yena dikhopi dife kapa dife kapa tsa letho le ntshitsweng direkotong tse jwalo, ntle le moo Ramosebetsi a faneng ka tumello e jwalo; mme o tla ikamanya le Khoutu ya Boitshwaro e laeleditsweng.
Mosebetsi-
o amohela hore o nketse hloohong dipallo tsa temana ena;
o dumela hore temana ena, ka morao hoba a nkelle hloohong maemo ohle a loketseng, e a utlwahala ebile e a hlokeha bakeng sa tshireletso e nepahetseng ya ditabatabelo tsa Ramosebetsi le Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le hore ha ho ka etsahala hore ka nako efe kapa efe a be le bothata ba ho utlwahala ha temana ena, o tla jara boikarabelo ba ho bontsha hore temana ena ha e utlwahale; mme o amohela hore o kene Konterakeng ka bolokolohi ntle le ho qobellwa ke mang kapa mang mme ha ho na maemo a teng le kapa a neng a le teng le kapa a hore hona jwale kapa nakong efe kapa efe e tlang a bolele hore o ne a le ka mosing ha a tla dumela dipallo tse lokodisitsweng temaneng ena kapa o ne a se boemong bo lekanang le Ramosebetsi ha a tla dumellana le yena ka dipallo tse jwalo tsa mosebetsi.
Dipallo le dipehelano
Mosebetsi o tla kenela tumellano ya tshebetso ya selemo le selemo le Ramosebetsi, e hokeletsweng selemong se qaqisitsweng sa ditjhelete, e tla kenyeletsa bonyane tse latelang:
Nyollo tsa moputso tse tla thehwa tshebetsong ya Mosebetsi. Tshebetso e tla hlahlojwa ho latela boikarabelo ba mosebetsi ha mmoho le dikarolo tse kgolo tsa tshebetso tse fuperweng ke tumellano ya mosebetsi le bonamo boo ka bona Mosebetsi a kgonneng ho inyalanya le tsona, ekasitana le ditaelo dife kapa dife tseo Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso di ka fanang ka tsona. Nyollo tsa moputso wa Mosebetsi di tla thehwa hodima ditherisano le mosebetsi boinotshing ba hae. Mosebetsi ha mmoho le Ramosebetsi bobedi ba na le boikarabelo ba ho tshwara ditherisano tse mabapi le nyollo ya moputso wa mosebetsi ha mmoho le bonase ya kheshe eo ho fanwang ka yona empa e lokela hore e kgohlela hantle ka hare ho meedi ya ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso ya Mosebetsi. Nyollo ya moputso le bonase ya kheshe di tla thehwa ditsepamisong, ditaelong le tataisong tse tswang ho Letona la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso
Tumellano ya tshebetso ya selemo e etseditsweng monyetla ho latela temana ya 5.1 ka hodimo e hokeletsweng selemong se itseng sa ditjhelete, e hlalosang ka ho hlaka dibaka/ditlhoko/le tse lokelang ho etswa ke Lefapha le
Mosebetsi di tlameha hore ho dumellanwe ka tsona nakong ya
Konteraka ena. Jwalo ka ha ditumellano tsa tshebetso di hoketswe dilemong tsa ditjhelete, ho tshwanetse hore ho dumellanwe ka tsona bonyane ka la 30 Mmesa selemong se seng le se seng. Mosebetsi o lokela hore a kenele tumellano ya hae ya pele ya tshebetso nakong e sa feteng dikgwedi tse tharo ka morao hoba a qale mosebetsi
Tumellano ya tshebetso e tla lekolwa botjha haeba nakong efe kapa efe mosebetsi kapa tikoloho ya Lefapha (Yuniti, Bolaodi, Lekala, Karolo) e fetohile haholo hona (ho sa natswe hore ke ka lebaka la qeto ya Mmuso kapa ya bolaodi kapa taolo itseng) hoo dikahare tsa tumellano di seng di sa tsamaelane.
Konteraka ena e hoketswe ka tsela e otlolohileng tumellanong ya tshebetso eo ho buuwang ka yona temaneng ya 5.1. Ha ho etsahala hore Mosebetsi a seke a sebetsa ka mokgwa o kgotsofatsang mabapi le ditlhoko tsa tumellano ya tshebetso ya hae, Mosebetsi o ananela hore Ramosebetsi a ka nna a sebetsana le yena ho ya ka mehato e fuperweng ke molao wa basebetsi o tshwanetseng le ditaelo dife kapa dife tse ding tse tswang ho Letona
Mesebetsi efe kapa efe e qoholehileng:
Moya wa Tshepano
Phethahatsong ya Konteraka ena, baamehi ba amohela temoho ya tshepahalo e kgolo mme tshebetsanong ya bona ha mmoho ba tiisa hore ba keke ba etsa eng kapa eng kapa ba qoba ho etsa ntho efe kapa efe e ka behang ka mosing kapa ya fokotsa ditokelo, kuno kapa ditabatabelo tsa bona ka bobedi.
Tshebediseho ya Molao
Dintlha dife kapa dife tse tswang Konterakeng tse sa etsetswang monyetla mona ka mokgwa o ikgethileng, di tla sebetswa ho latela dipallo tsa Molao jwalo ka ha o fetotswe, Melawana e boletsweng pejana le molao o mong o tshwanetseng.
Tlhaloso ya Konteraka ena e tla laolwa ke melao le metheo ya molao e sebetsang Riphaboliki ya Afrika Borwa.
Matla a taolo a makgotla a dinyewe
Mosebetsi o tla ipeha tlasa taolo ya Makgotla a dinyewe a
Riphaboliki ya Afrika Borwa haeba ho na le diqoso tsa molao tse tswalwang ke dipallo tsa Konteraka ena.
E keke ya e ba tlolo ya Konteraka ena haeba moamehi Konterakeng ena a thibelwa kapa a sitiswa tshebetsong kapa a etswa hore a seke a ikobela boitlamo ba tshebetso mona ka tlase ho ya ka Molao ofe kapa ofe wa Palamente kapa diketso tse ding tsa Mmuso kapa ka mabaka afe kapa afe kapa ketsahalo efe kapa efe e kantle ho taolo ya moamehi eo.
HO FAPOHA
Konteraka e bopa pethahalo ya tumellano kaofela dipakeng tsa baamehi Konterakeng ena tse mabapi le taba eo eleng yona ya sehlooho ya Konteraka ena, ntle le moo ho entsweng monyetla ka tsela e nngwe, ha ho tokiso, phetoho, keketso kapa ho fapoha tokelong efe kapa efe, ho pallo kapa pehelano Konterakeng ena tse tla qobellwa ka mokgwa ofe kapa ofe kapa di be le tshwaetso ntle leha seo se ngotswe ebile se saenetswe ke baamehi Konterakeng ena.
Baamehi ba dumela hore ha ho na dipehelano tse ding, ditiisetso kapa boromuwa bo tla etswa, ho se na taba hore ke tse tla hlahiswa ka tsela ya molomo kapa e ngotsweng hape ho sa tsotelehe hore di hlahisitswe kapa di nkwa di le teng leha di sa bolelwa kapa ka mokgwa ofe kapa ofe, ntle le tse fuperweng Konterakeng ena, Molaong, Melawaneng le molaong o mong o tshwanetseng (mohlala, Molao wa Letlole la Penshene ya Basebetsi).
Molao wa qobello
Ha ho molao o qobellang wa dipallo le dipehelano dife kapa dife tsa Konteraka o tla tlama ka mokgwa ofe kapa ofe ntle le o hlahiswang ka mokgwa o ngotsweng ebile o saennwe ke moamehi ya nehelanang ka lehlakore le tshwanang, mme molao o mong le o mong o qobellang o jwalo o tla sebetsa feela tlasa boemo bo ikgethang le ka sepheo seo ho nehelanweng ka sona. Ha ho moamehi ofe kapa ofe ya tla hloleha kapa a diehe ho phethahatsa tokelo efe kapa efe, matla kapa monyetla o tla qhelela thoko e mong kapa phethahatso e nngwe hape kapa phethahatso ya tokelo efe kapa efe e nngwe, matla kapa monyetla.
Tsebiso ya Bodulo
Baamehi ba kgetha bodulo ba bona ka ho fapana molemong wa dinyewe tsa molao le ka lebaka la ho fana le ho romela tsebiso efe kapa efe e etseditsweng monyetla kapa e hlokehang ho latela ditemana tsa Konteraka ena, diaterese tse latelang -
Ramosebetsi Mosebetsi
Aterese ya Bodulo ...
Aterese ya Poso ...
Nomoro ya thelefekse ...
ha feela moamehi a fana ka tlaleho ya phetoho efe kapa efe e ka bang teng bodulong bofe kapa bofe bo bong ba moamehi, atereseng ya poso kapa nomorong ya thelefekse ka tsela e ngotsweng ho moamehi e mong. Phetoho e jwalo ya aterese e tla sebetsa matsatsing a supileng ka morao hoba ho amohelwe phetoho e tliswang atereseng ya bodulo
Ditsebiso tse lokelang hore di ntshuwe ho ya ka dipallo tsa Konteraka -
di tla ntshuwa ka tsela e ngotsweng fatshe; le di tla fihliswa kapa di romelwe ka poso e rejistarilweng le e lefeletsweng pele kapa ka thelefekse; mme haeba di fihliswa, di tla nkwa hore di amohetswe ka letsatsi leo di fihlisitsweng ka lona; kapa haeba di romelwa ka poso e rejistarilweng le e lefeletsweng pele, di tla nkuwa di amohetswe nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso a ho poswa ha tsona ntle leha ho ka bontshwa hore ha ho jwalo; kapa haeba di romelwa ka thelefekse, di tla nkwa di amohetswe letsatsing la pele la tshebetso le hlahlamang letsatsi leo thelefekse e rometsweng ka lona ntle le moo ho ka bontshwang hore ha ho jwalo.
E saenetswe ke Ramosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
DIPAKI KE:
LEBITSONG LA MMUSO KAPA MOROMUWA WA HAE
E saennwe ke Mosebetsi a le ... mohla la ... kgweding ya ...
DIPAKI KE :
DIPALLO LE DIPEHELANO TSA MOSEBETSI
Boemo
Tefo
Mosebetsi o tla lefuwa mothamo wa moputso o itseng le o o kgonang ho fetoha le mabaka ebile o kenyeletsa tsohle wa tjhelete e kaalo ka R ... o tla botjwa ka tse latelang:
a moputso wa sehlooho o bopilweng ka tjhelete e kaalo ka
R ... e badilweng ka phesente e kaalo ka
... % ya mothamo o o kgonang ho fetoha le mabaka wa moputso o kenyeletsang;
b Nyehelo ya Ramosebetsi ya GEPF ya R ... , e balwang e le diphesente tse ... % tsa moputso wa sehlooho; le c karolo e kgonang ho fetoha le mabaka e kaalo ka R ... , e balwang e le mothamo wa moputso o o kgonang ho fetoha le mabaka o kenyeletsang tsohle ha ho tlositswe moputso wa sehlooho ebile ho tlositswe nyehelo ya Ramosebetsi ya GEPF, mme e ka nna ya botjwa ke Mosebetsi ho ya ka melawana e fuperweng ke bukana ya tataiso ya SMS ya karolo e kgonang ho fetoha le mabaka.
Botho ba Letlole la Penshene la Basebetsi ba Mmuso le a tlama. Sekgahla sa tsela eo ho tla etswa nyehelo ke Mosebetsi le Ramosebetsi ka yona se tla tsamaya ho latela ka moo ho laeleditsweng ka teng.
Dihora tsa Mosebetsi
Mosebetsi o tla sebetsa ka botshepehi le ka mafolofolo bonyane dihora tse 8 ka letsatsi le ho latela dihora tsa tshebetso tsa lefapha.
Tse ding
Dipehelano tse ding tsa mosebetsi di jwalo ka ha di qaqisitswe ke bukana ya tataiso ya SMS.
